Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/06 leq. 32
  • Mpho e Ananeloang Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mpho e Ananeloang Haholo
  • Tsoha!—2006
Tsoha!—2006
g 12/06 leq. 32

Mpho e Ananeloang Haholo

Motho ea fanang ka mpho le ea e fuoang baa thaba ka bobeli ha mpho eo e koala sekheo se itseng ’me e ananeloa. Hase khale ha ofisiri e ’ngoe ea ’muso Mexico e ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e le ha e leboha buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Karolo e ’ngoe ea lengolo leo e re:

“Se ngotsoeng bukeng ena ke sa bohlokoa e le kannete. Kea hlokomela hore le hoja boitsebiso ba eona bo nkiloe bukeng ea boholo-holo, bo nakong ebile boa sebetsa bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi.

“Ke kholisehile hore re le batsoali re lokela ho ruta bana ba rōna melao ea boitšoaro e le hore ba tsebe tsela eo ba lokelang ho etsa lintho ka eona le ho ba thusa ho ba batho ba nang le litšoaneleho tse hlokahalang le hore ba be le tlhompho le botšepehi lefatšeng lena le se nang litšobotsi tsena. Ho phaella moo, re lokela ho ba thusa hore ba tsebe hore ho na le Motho ea Phahameng ka ho Fetisisa ea lerato le ea mosa. Ka sebele, boitsebiso boo le nthomelletseng bona bo tla nthusa haholo mosebetsing oa ka le boikarabelong boo ’Mōpi oa rōna a re fileng bona re le batsoali hore re thuse bana ba rōna hore ba hōle e le batho ba ratang baahelani ba bona.”

Mohlanka enoa oa ’muso o ile a hlokomela bohlokoa ba lithuto tsa Jesu Kreste tseo ho buuoeng ka tsona bukeng ea Ithute ho Mosuoe e Moholo hammoho le mohlala oa hae. Le uena u ka iphumanela buka ena e maqephe a 256 e nang le litšoantšo tse ntle, eo maqephe a eona a lekanang le a makasine ena ka boholo. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ena e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela