“Rua Melemo e Tlisoang ke Morena ea Tataisoang ke Moea oa Jehova”
◼ ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ Mantsoe ao a fumanoang ka Bibeleng ho Moeklesia 8:9, a hlalosa ka nepo histori ea puso ea motho. Na re ka ntlafatsa boemo? Kapa na se etsahetseng nakong e fetileng ke mohlala oa se tla etsahala nakong e tlang? Lipotso tseo li tla arajoa puong ea phatlalatsa e tla fanoa Likopanong Tsa Setereke Tsa Lipaki Tsa Jehova Tsa “Ho Tataisoa ke Moea oa Molimo” Tsa 2008/2009. Puo e nang le sehlooho se reng, “Rua Melemo e Tlisoang ke Morena ea Tataisoang ke Moea oa Jehova,” e tla bua ka motho ea tla busa ka toka ea ’nete le ka lerato—e leng Jesu Kreste, ea re teletseng bophelo ba hae.—Matheu 20:28.
Ke’ng se etsang hore Jesu a fapane le babusi ba bang bohle? Esaia, moprofeta oa Molimo o araba ka ho re: “Moea oa Jehova [Molimo] tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kutloisiso, moea oa keletso le oa matla, moea oa tsebo le oa ho tšaba Jehova; ’me o tla thabela ho tšaba Jehova. A ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemela feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae. O tla ahlola ba tlaase ka ho loka, ’me o tla fana ka khalemelo ka ho loka molemong oa ba bonolo ba lefatše.”—Esaia 11:2-4.
Na se hlalositsoeng moo sea ipiletsa ho uena? Haeba sea ipiletsa, re u mema hore u be teng puong ea phatlalatsa ho e ’ngoe ea likopano tsa setereke tse makholo tse tla tšoaroa lefatšeng ka bophara ho qala khoeling ena. E le ho fumana hore na e tla tšoareloa hokae haufi le moo u lulang teng, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.