Kopano ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova ea
“Re Tataisoa ke Moea oa Molimo”
◼ LIKOPANO tsena tsa matsatsi a mararo tse likete, tse qalileng United States mafelo-bekeng a la 23-25 May, li tla tšoaroa likhoeling tse tlang metseng e likete lefatšeng ho pota. Ka 2007, batho ba fetang limilione tse 12 ba ile ba e-ba teng likopanong tse joalo tse fetang 3 200!
Libakeng tse ngata, selemong sena lenaneo le tla qala ka 9:20 hoseng ka ’mino letsatsi le leng le le leng. Sehlooho sa Labohlano se thehiloeng ho Johanne 16:13, se re “Moea . . . o Tla le Tataisetsa ’Neteng Eohle.” Tse ling tsa lipuo tsa pele tse tla fanoa ke e reng “Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tataisoa ke Moea oa Molimo?” le e reng “Moea o Halalelang o Sebetsa Pōpong!” Neheletsano e nang le sehlooho se reng “Batho ba Boholo-holo ba Tšepahalang ba Ile ba Tataisoa ke Moea oa Molimo” e tla akarelletsa lipuo tse reng “Mehleng ea Moshe,” “Mehleng ea Baahloli” le e reng “Lekholong la Pele la Lilemo.” Puo ea sehlooho e reng, “Karolo eo Moea o Halalelang o e Phethang ho Phethahatsoeng ha Morero oa Jehova,” e tla phetha lenaneo la hoseng.
Ka Labohlano thapama, puo ea pele e tla ba le sehlooho se reng “Likarabo Tsa Lipotso Tse Botsoang ka Moea o Halalelang,” ’me e tla lateloa ke puo e reng “Moea o Batla ka Hare ho . . . Lintho Tse Tebileng Tsa Molimo” le e reng “Le be Bautloi le Baphethi ba Lentsoe la Molimo.” Neheletsano e reng “Bacha—Tsamaisoang ke Moea o Halalelang!” e na le lipuo tse reng “Ha le le Sekolong,” “Ha le le Mosebetsing,” “Ha le le Lapeng,” “Ha le le Phuthehong,” “Ha le Ithabisa” le e reng “Ha le le Bang.” Lenaneo le tla phetha ka ntlha e ka sehloohong ea kopano, puong e reng “Bacha—Sireletsang Kamano ea Lōna le Jehova!” e leng puo e tla ba thusa hore ba etse joalo.
Sehlooho sa lenaneo la Moqebelo se reng “Jalang ka Sepheo sa ho Jalla Moea,” se thehiloe ho Bagalata 6:8. Lenaneo la hoseng le tla ba le neheletsano ea lipuo tse tharo e nang le sehlooho se reng “Re Tataisoa ke Moea oa Molimo Tšebeletsong ea Rōna.” Lenaneo leo la hoseng le tla phetha ka puo ea kolobetso eo ka mor’a eona ba tšoanelehang ba tla kolobetsoa.
Moqebelo thapama, ho tla qala puo e reng “Bangoli ba Bibele—‘Ba ne ba Khannoa ke Moea o Halalelang,’” ’me e tla lateloa ke neheletsano ea lipuo tse hlano e reng “Re Matlafatsoa ke Moea oa Molimo” “Ho Loantša Teko,” “Ho Sebetsana ka Katleho le Mokhathala le ho Nyahama,” “Ho Mamella Tlhoriso,” “Ho Loantša Khatello e Mpe ea Lithaka” le “Ho Mamella Mathata.” Letsatsi lena le tla phethoa ka ntlha e ’ngoe e ka sehloohong ea kopano sehloohong se reng “Le Ipoloke Leratong la Molimo.”
Lenaneo la Sontaha hoseng le na le puo e reng “Le ’ne le Tsamaee ka Moea,” ’me e thehiloe ho Bagalata 5:16. Neheletsano ea lipuo tse robong e nang le sehlooho se reng “Hlaolela ‘Tholoana ea Moea’” e tšohla tšobotsi ka ’ngoe ea tholoana ea moea e boletsoeng ho Bagalata 5:22, 23. Puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Rua Melemo e Tlisoang ke Morena ea Tataisoang ke Moea oa Jehova!” e tla phetha lenaneo la hoseng. Karolo e khethehileng ea lenaneo la thapama e tla ba tšoantšiso ea moaparo oa boholo-holo e nang le sehlooho se reng “U se ke Ua Tlohela ‘Lerato Leo U Neng U E-na le Lona Pele.’” E bontša boikutlo le maemo ao e ka ’nang eaba a ne a le teng har’a Bakreste ba neng ba phela qetellong ea lekholo la pele la lilemo. Puo e lihelang likhala kopanong ena e tla ba le sehlooho se reng “Ho Sebeletsa ka Botšepehi le Mokhatlo oa Jehova o Tsamaisoang ke Moea.”
Rera esale joale hore u be teng. Bakeng sa ho fumana hore na e tla tšoareloa hokae haufi le moo u lulang teng, e-ea Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.