Na Lefatše le Tla Khona ho Phelisa Meloko e Tlang?
KA MONGOLI OA TSOHA! CANADA
◼ Sehlopha se neng se entsoe ka litsebi le baeta-pele litabeng tsa tikoloho—seo e neng e le karolo ea phuputso e bitsoang Millennium Ecosystem Assessment [MA]—se ile sa phatlalatsa tlaleho ea sona ea pele, ka mor’a hore se qete lilemo tse ’nè se etsa lipatlisiso tse pharaletseng ka tikoloho le lintho tse phelang ho eona. Tse ling tsa liqeto tseo se ileng sa li fihlela ke tsena: Lilemong tse mashome a mahlano tse fetileng, tlhokahalo e khōlō ea lijo, metsi, patsi, likhoele tsa maiketsetso hammoho le libeso, e entse hore ho be le liphetoho tseo ho seng tse kileng tsa tšoana le tsona tikolohong le linthong tse phelang ho eona, ’me sena se tla etsa hore lefatše le se ke la khona ho phelisa meloko e tlang. Tsela ea tlhaho eo lijalo li hasang peō le eo limela li hloekisang moea ka eona le eo maoatle a etsang potoloho ea limatlafatsi ka eona ea imeloa. Lefatše le boetse le mothating oa ho felloa ke mefuta ea liphoofolo le limela ka bongata bo tšosang.
Koranta ea Globe and Mail ea Canada e ile ea re: “Batho ba senya lefatše hoo ba eketsang menyetla ea hore mehloli ea tlhaho e fele ka potlako, e leng ho ka bakang mafu, ha senya meru le ho etsa hore likarolong tse ling leoatleng ho se ke ha e-ba le lintho tse phelang.” Koranta eo e ile ea phaella ka ho re: “Mekhoabo, meru, makhulo, libaka tseo linōka li kenang maoatleng ho tsona le tse haufi le mabōpo tseo ho tšoasoang litlhapi ho tsona hammoho le lintho tse ling tsa tlhaho tse hloekisang moea, metsi hammoho le lijo bakeng sa lintho tse phelang, li senngoa ka tsela e ke keng ea lokisoa.” Le hoja boto ea batsamaisi ea MA e lumela hore batho ba ka khona ho fokotsa tšenyo ena e bakoang tikolohong le linthong tse phelang ho eona, e re e le hore ho finyelloe seo “ho tla hlokahala hore ho etsoe liphetoho tse khōlō ha ho etsoa liqeto tsohle tse amang tsela eo lihloliloeng li sebelisoang ka eona.”
Na Lefatše le ka sireletsoa? Karabo ke e, e utloahalang! Kaha re bahlokomeli ba pōpo ea Molimo, re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho e tšoara hantle. (Pesaleme ea 115:16) Leha ho le joalo, boemo ba tikoloho le lintho tse phelang ho eona bo tla boela setloaeling feela ha Molimo a nka khato. ‘Moetsi oa rōna e Moholo’ o tšepisa hore o tla lebisa tlhokomelo lefatšeng ’me a le ‘fe nala.’ (Jobo 35:10; Pesaleme ea 65:9-13) Sena se kopanyelletsa maoatle le tsohle tse ho ’ona, hobane kaha Jehova Molimo ke ’Mōpi, o na le matla holim’a maoatle. (Pesaleme ea 95:5; 104:24-31) Seo a se tšepisang se tla fela se phethahale hobane Molimo a ‘ke ke a bua leshano.’—Tite 1:2.
Ho khothatsa haholo ho tseba hore lefatše le tla khona ho phelisa meloko e tlang. Sena se susumetsa bohle ba tšabang Molimo hore ba mo rorise ka lebaka la bohlale ba hae bo phahameng, matla a hae a maholo le molemo oa hae o moholo le ho mo tlotlisa ka lebaka la tsela eo ka eona a ratang lintho tsohle tseo a li bōpileng.—Pesaleme ea 150:1-6.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]
Globe: NASA photo