Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/09 leq. 32
  • ‘E Araba Lipotso Tsa Rōna’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘E Araba Lipotso Tsa Rōna’
  • Tsoha!—2009
Tsoha!—2009
g 7/09 leq. 32

‘E Araba Lipotso Tsa Rōna’

◼ ‘E araba lipotso tsa rōna.’ Sena ke seo bacha ba se buang mabapi le buka e ncha ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2. Jessicah oa Texas, U.S.A., o ile a ngola, a re: “Ke ne ke ferekane ke bile ke sa tsebe hantle seo ke lokelang ho se etsa. Ka sebele buka ena e nkhothalitse. Ke thusitsoe haholo ke ho tseba hore ho na le bacha ba bangata bao joaloka ’na, ba kopanang le mathata ha ba ntse ba leka ho sebeletsa Molimo. Buka ena e arabetse hoo e batlang e le lipotso tsohle tseo ke neng ke ipotsa tsona mabapi le bacha.”

Breann oa Colorado, o ile a re: “Buka ea lōna e phetha seo e se reretsoeng, e leng ho khothalletsa batsoali le bana hore ba buisane. Ha ke batla ho buisana le ’Mè, ke nka buka ena ebe ke mo balla eona. Motsoalle e mong oa ka le eena o ntse a itokisetsa ho bua le batsoali ba hae hobane feela a balile buka ena.”

Likhaolo tse qalang tsa buka ena li tšohla ntlha eo ka ho khetheha bacha ba bangata ba nahanang ka eona—e leng ho etsa setsoalle le banana kapa bashanyana. Katrina oa New Jersey o ile a ngola, a re: “Buka ena e nkholisitse hore ho sa tsotellehe hore na ba bang ba re’ng, ha ke e-s’o lokele ho intša. Ntle ho moo, ho ba lesoha ho mpha monyetla oa hore ke etse lintho tse ngata tsa bohlokoa! Ha ke e-s’o batle ho li tlohela hona joale. Ha ke se ke loketse ho intša, ke tla be ke tseba hantle hore na ke lokela ho sheba molekane ea joang le hore na ke etse lintho joang.”

U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Jessicah

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Breann

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Katrina

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela