Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/10 leq. 3
  • “Bothata bo Atileng ba ho se Tšepahale”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Bothata bo Atileng ba ho se Tšepahale”
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho e-na le Tlokotsi ea Tšepo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Tšepo e ka Tsosolosoa!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Bashemane ba Babeli ba Phelang Hape
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 10/10 leq. 3

“Bothata bo Atileng ba ho se Tšepahale”

Afrika Bophirimela, moshanyana e mong ea lilemo li 12 o robetse betheng sepetlele, oa kula—o noele moriana oa mokunyata o thibelang malaria oo ’mè oa hae a o rekileng lebenkeleng le molaong le rekisang meriana. Ngaka e ’ngoe sepetleleng seo e re: “Ka lilemo tse 15 re ’nile ra fumana meriana ea mokunyata e rekisoang.”a

Asia, batsoali ba lesea le leng la moshanyana ba ile ba tšoha haholo ha ba hlokomela hore lebese leo ho neng ho thoe le na le limatlafatsi, leo ba neng ba le fepa lona le silafalitsoe ke metsoako e kotsi. Ka masoabi, moshanyana eo o ile a hlokahala.

Rakhoebo ea neng a tšeptjoa oa Leamerika o ile a qhekella batho lidolara tse libilione! Ba likete ba ile ba hlokomela hore chelete ea bona ea penshene e nyameletse ho se ’nileng sa bitsoa “bomenemene bo fetisisang ba lekholong lena la lilemo.”

LEFATŠENG la kajeno, hoo e batlang e le motho e mong le e mong o kile a etsetsoa bolotsana neng-neng bophelong. Esita le maemo a hlobaetsang a moruo lefatšeng ka bophara, boholo ba ’ona a bakiloe ke seo koranta ea Fora e bitsoang Le Monde e reng ke “bothata bo atileng ba ho se tšepahale.”

Ke lintho life tse tlatselitseng bothateng boo “ba ho se tšepahale” bo teng kajeno? Na ho na le motho eo u ka mo tšepang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sena se tlalehiloe koranteng e bitsoang Le Figaro, e hatisoang Paris, Fora.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela