Ke Letlotlo ho Liithuti Tsa Bibele
● Ke seo bukana ea ‘Bona Naha e Ntle’ e ipakileng e le sona. E tletse limmapa tse mebala-bala le litšoantšo tsa libaka tseo liketsahalo tsa bohlokoa tsa mehleng ea Bibele li etsahetseng ho tsona, lilemong tse ka holimo ho 2 000 tse fetileng. Li akarelletsa setšoantšo se bontšang ka ho hlaka lithako tsa Beerseba ea boholo-holo, moo Abrahama a neng a lula teng, le setšoantšo sa tsela ea Roma eo e ka ’nang eaba barutuoa ba Kreste ba ile ba tsamaea ho eona ho elella qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E.
Babali ba rōna ba bangata ba bontšitse hore ba ananela bukana ena. E mong o ile a ngola a re: “Ke ananela bukana ena haholo. Haesale ke lakatsa ho bona ka mahlo a kelello libaka tseo bapatriareka le Jesu ba ileng ba li tsamaea.” E mong eena o ile a re: “Ke ntho eo e leng khale ke ntse ke e batla. Ka sebele bukana ena e phelisa molaetsa oa Bibele.”
U ka kōpa bukana ena e maqephe a 36 ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena. Bukana ena e fumaneha ka lipuo tse 79. Ho se ho hatisitsoe libukana tse ka bang limilione tse leshome.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse bukana e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Beerseba ea boholo-holo
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Tsela ea Roma
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 32]
Beer-sheba, Roman road, and brochure cover: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.