Bohlale ba Morena Solomone
● Tichere e ’ngoe e ile ea botsa liithuti tse sehlopheng sa bone hore na ke’ng seo li se tsebang ka Morena Solomone eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng. Sheena ea lilemo li robong o ile a re e ne e le morena ea bohlale ’me a hlalosa kamoo a ileng a khaola khang kateng pakeng tsa basali ba babeli ba neng ba tseka ngoana. Qalong liithuti-’moho le eena li ile tsa makala ha li utloa tsela eo Solomone a ileng a rarolla bothata boo ka eona, empa tichere ea re Solomone o entse ka bohlale.
Sheena o ile a hlalosa hore o ithutile seo ha a ntse a bala Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele, e leng buka e nang le lipale tse akarelletsang pale e buang ka bohlale ba Solomone. Sheena o re: “Liithuti-’moho le ’na tse tšeletseng li ile tsa kōpa buka ena ea Lipale tsa Bibele,” ’me o phaella ka ho re: “Tichere ea ka le eona e ile ea kōpa e ’ngoe. Kahoo, ke ile ka fana ka libuka tse supileng.”
U ka kōpa Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele, e nang le lipale tse 116 tse buang ka batho le liketsahalo tse ka Bibeleng. U ka tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.