E Ile ea Nthusa Hore ke Hlōle Mokhoa o Mobe
● Selemong se fetileng ho ile ha lokolloa buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, Buka ea I. Leqepheng la 180, e hlalosa lengolo la Liproverbia 24:16, le reng ea lokileng a ka oa ka makhetlo a supileng ’me a ema hape. Ntlha eo e ile ea thusa mocha e mong haholo, o ile a re: “Mohlala o leqepheng leo o ile oa mpontša hore Molimo oa bona ha ke leka ho loantša mekhoa e mebe. . . . Buka ena e nthusitse ho elelloa hore nka rapella ntho e itseng ka ho khetheha le hore nka kōpa Molimo hore a nthuse ho hlōla boikutlo ba ho inyatsa. Ka lebaka leo, ke tla khona ho mo rapela pele ke inehela molekong ’me kahoo ke hlōle mekhoa ea ka e mebe.
“Ke na le tšepo ea hore le hoja ke ile ka oa ka makhetlo a fetang a 77 lilemong tse fetileng, ke tla hlōla bothata boo ke nang le bona. Ha ke sa ikutloa ke le moetsalibe ea mobe ka ho fetisisa lefatšeng.”
U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le nthomelle buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.