Selelekela
Na u ee u jeoe ke bolutu? Palo ea batho ba jeoang ke bolutu e ntse e eketseha. Haeba le uena u ee u jeoe ke bolutu, u ka ’na oa nahana hore ha ho na ntho eo u ka e etsang ho hlola boikutlo bona. Empa u ka khothatsoa ke ho tseba hore batho ba bangata ba khonne ho sebetsana le boikutlo bona ka katleho. U ka etsa se tšoanang joang?
Magazine ena ea Tsoha! e tla u thusa ho utloisisa hore na bolutu bo bakoa ke eng le hore na u ka etsa’ng ho sebetsana le bona ka katleho.