Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 84
  • Lengeloi le Etela Maria

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lengeloi le Etela Maria
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Gabariele o Etela Maria
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • O Hlomphiloe Pele a Hlaha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Hlomphiloe Pele a Hlaha
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 84

PALE EA 84

Lengeloi le Etela Maria

MOSALI enoa e motle ke Maria. Ke Moiseraele, ea lulang motseng oa Nazaretha. Molimo oa tseba hore ke motho ea molemo haholo. Ke kahoo a rometseng lengeloi la hae Gabriele ho tla bua le eena. Na ua tseba hore na Gabriele o re’ng ho Maria? A re bone.

Gabriele o re ho Maria: ‘Lumela, uena ea hauhetsoeng haholo. Jehova o na le uena.’ Maria o qala ho bona motho enoa. O maketse, hobane ha a tsebe seo a buang ka sona. Empa hang-hang Gabriele o kokobetsa tšabo ea hae.

O re: ‘Se tšohe Maria. Jehova o khahliloe ke uena haholo. Ke kahoo a tlang ho u etsetsa ntho e khōlō. U tla ba le ngoana haufinyane. U tla mo reha lebitso la Jesu.’

Gabriele o tsoela pele oa hlalosa, o re: ‘Ngoana eo o tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. Jehova o tla mo etsa morena, joaloka Davida. Empa Jesu e tla ba morena oa ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa fela!’

Maria oa botsa: ‘Seo se tla etsahala joang? Ha kea nyaloa. Ha ke e-s’o lule le monna, joale nka ba le ngoana joang?’

Gabriele oa araba o re: ‘Moea oa Molimo o tla tla ho uena. Kahoo ngoana o tla bitsoa Mora oa Molimo.’ Joale o re ho Maria: ‘Hopola mong ka uena, Elizabetha. Batho ba ne ba re o se a tsofetse hore a ka ba le bana. Empa haufinyane o tl’o ba le mora. Akere ua bona joale hore ha ho letho le hlōlang Molimo?’

Hona hoo, Maria o re: ‘Ke lekhabunyane la Jehova! Ho ke ho etsahale ho ’na kamoo u boletseng kateng.’ Eaba lengeloi lea itsamaela.

Maria o etela Elizabetha hona hoo. Ha Elizabetha a utloa lentsoe la Maria, ngoana o tlōla ka thabo ka mpeng ea Elizabetha. Elizabetha o tlaloa ke moea oa Molimo ’me o re ho Maria: ‘U lehlohonolo ka tsela e khethehileng har’a basali.’ Maria o qeta likhoeli tse ka bang tharo a le ha Elizabetha, ’me ka mor’a moo o khutlela hae Nazaretha.

Maria o haufi le ho nyaloa ke mohlankana e mong ea bitsoang Josefa. Empa ha Josefa a utloa hore Maria o tlil’o ba le ngoana, ha a sa batla ho mo nyala. Joale lengeloi la Molimo le re ho eena: ‘Se ke ua tšaba ho nyala Maria. Hobane ke Molimo ea mo fileng mora.’ Joale Maria le Josefa baa nyalana, ’me ba emela hore Jesu a hlahe.

Luka 1:26-56; Matheu 1:18-25.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela