Tšebelisano le Meea e Mebe
Tlhaloso: Tumelo ea hore karolo ea motho ea moea (spirit) e phonyoha lefu la ’mele oa nama ’me e ka buisana le ba phelang, hangata ka motho ea sebeletsang e le mokena lipakeng. Batho ba bang ba lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bonahalang le e ’ngoe le e ’ngoe ea tlhaho li na le meea (spirits) e phelang ka ho tsona. Boloi ke tšebeliso ea matla ao ho lumeloang hore a tsoa ho meea (spirits) e mebe. Ka Bibeleng ho nyatsuoa ka matla mefuta eohle ea tšebelisano le meea e mebe.
Na ho hlile ho bonolo hore motho a ka buisana le “moea [spirit]” oa moratuoa ea shoeleng?
Moek. 9:5, 6, 10: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, . . . Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse; ba ke ke ba hlola ba e-ba le kabelo ho tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi le ka mohla o le mong. Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.”
Ezek. 18:4, 20: “Moea [soul] o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ka hona moea [soul] hase ntho e ’ngoe e phonyohang lefu la ’mele le eo batho ba phelang ba ka buisanang le eona hamorao.)
Pes. 146:4: “Phefumoloho [“moea (spirit),” NW] ea bona ha e fela [“ha o tsoa,” NW], ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.” (Ha ho thoe moea [spirit] ‘o tsoa’ ’meleng, hona empa feela e le tsela e ’ngoe ea ho bolela hore matla a bophelo a khaotsa ho sebetsa. Kahoo, hoba motho a shoe, moea [spirit] oa hae ha o be teng e le boleng bo sa bonahaleng bo ka nahanang le ho phetha merero ntle ho ’mele. Hase ntho eo ba phelang ba ka buisanang le eona kamor’a hore motho a shoe.)
Bona le maqephe 219-221, tlas’a sehlooho “Lefu.”
Na Bibele ha e bontše hore Morena Saule o ile a bua le moprofeta Samuele kamor’a hore Samuele a shoe?
Tlaleho e fumanoa ho 1 Samuele 28:3-20. Litemana tsa 13, 14 li bontša hore Saule ka boeena ha a ka a bona Samuele empa o ile a nka hore ke eena tlhalosong e fanoeng ke senohe ea hore se bone Samuele. Saule o ne a batla ho lumela ka matla hore ke Samuele ’me kahoo a itlohella hore a thetsoe. Temana ea 3 e re Samuele o ne a shoele ’me a epetsoe. Mangolo a qotsitsoeng tlas’a sehlohoana se tlang pele ho sena a hlakisa hore ha ho karolo ea Samuele e neng e phela sebakeng se seng ’me e ka buisana le Saule. Lentsoe le ileng la iketsa eka ke la Samuele e ne e le la moikhakanyi.
Ba lekang ho bua le bafu ba hlile ba buisana le mang?
’Nete e buang ka boemo ba bafu e boletsoe ka ho hlaka ka Bibeleng. Empa ke mang ea ileng a leka ho thetsa batho ba babeli ba pele ka lefu? Satane o ile a hanyetsa temoso ea Molimo ea hore ho se utloe ho ne ho tla tlisa lefu. (Gen. 3:4; Tšen. 12:9) Ka nako ea teng, hoa hlaka hore batho ba ile ba fela ba shoa joalokaha Molimo o ne o boletse. Ka ho utloahalang, he, ke mang ea neng a ikarabella bakeng sa ho qapa maikutlo a hore batho ha ba hlile ha ba shoe empa hore moea (spirit) oa motho o phonyoha lefu la ’mele? Thetso e joalo e tšoanela Satane Diabolose, eo Jesu a mo hlalositseng e le “raleshano.” (Joh. 8:44, TLP; bona le 2 Ba-Thessalonika 2:9, 10.) Tumelo ea hore bafu ba hlile ba phela sebakeng se seng le hore re ka buisana le bona ha e-ea tsoela batho molemo. Ho fapana le moo, Tšenolo 18:23 e bolela hore, ka mekhoa ea ho sebelisana le meea e mebe ea Babylona e Moholo, “lichaba kaofela li khelositsoe.” Mokhoa oa ho sebelisana le meea e mebe oa ‘ho bua le bafu’ haele hantle ke thetso e ka kopanyang batho le bademona (mangeloi a ileng a fetoha marabele a baithati khahlanong le Molimo) ’me hangata a etsa hore motho a utloe mantsoe ao a sa a batleng le hore a sotloe ke meea eo e mebe.
Na ho na le phoso ea ho batla pheko kapa tšireletso ka mekhoa ea tšebelisano le meea e mebe?
Ba-Gal. 5:19-21: “Mesebetsi ea nama e pepeneneng: Ke ho feba, le ho bōka, ke bonyala, le bootsoa, ke ho rapela melimo ea bohata, le boloi (tšebelisano le meea e mebe) . . . le lintho tse joalo, tseo ke le bolellang, joale ka ha ke se nkile ka le bolella, hore ba etsang tse joalo, ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo.” (Ho tšabela tšebelisanong le meea e mebe bakeng sa thuso ho bolela hore motho o lumela mashano a Satane ka lefu; o batla keletso ho batho ba lekang ho fumana matla ho Satane le bademona ba hae. Motho ea joalo ka hona o itsebahatsa le bao e leng lira tse pelo-thata tsa Jehova Molimo. Ho e-na le hore a hle a thusoe, mang kapa mang ea phehellang tseleng e joalo o tsoa kotsi ea nako e telele.)
Luka 9:24: “Ea ratang ho boloka bophelo [“moea (soul),” NW] ba hae, o tla timelloa ke bona; empa ea timelloang ke bophelo ba hae ka baka la ka [hobane e le molateli oa Jesu Kreste], ke eena ea tla bo boloka.” (Haeba motho a tlōla ka boomo melao e boletsoeng ka ho hlaka ea Lentsoe la Molimo ka boiteko ba ho sireletsa kapa ho boloka bophelo ba hae ba hona joale, o tla lahleheloa ke tebello ea bophelo bo sa feleng. A booatla!)
2 Ba-Kor. 11:14, 15: ‘Satane le eena o ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli. Ha ho le joalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka.’ (Ka hona ha rea lokela ho khelosoa ha lintho tse ling tse etsoang ka tšebelisano le meea e mebe ho bonahala li le molemo ka nakoana.)
Bona le maqephe 362-366, tlas’a “Pholiso.”
Na ke bohlale ho tšabela tšebelisanong le meea e mebe ho ithuta hore na nako e tlang e tšoere’ng kapa ho tiisa hore motho o tla atleha bohatong bo itseng?
Esa. 8:19: “Ha ba ka re ho lōna: Botsisisang ba nyollang bafu, le linohe tse toutang, tse oeoetsang, le mpe le re: Hleka sechaba ha se na ho botsa Molimo oa sona na?”
Lev. 19:31: “Le se ke la khelohela ho ba bitsang bafu, leha e le ho linohe; le se ke la botsa litaba ho bona, le tle le se ke la itšèla litšila ka bona. Ke ’na Jehova, Molimo oa lōna.”
2 Mar. 21:6: “[Morena Manasse] a chesa le mor’a hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le linohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.” (Mekhoa e joalo ea ho sebelisana le meea e mebe haele hantle e ne e akarelletsa ho retelehela ho Satane le bademona ba hae bakeng sa thuso. Hase feela e neng e le ‘mebe mahlong a Jehova,’ ’me a tlisetsa Manasse kotlo e fetisisang ka lebaka la eona. Empa eare ha a baka ’me a furalla mekhoa ena e mebe, a hlohonolofatsoa ke Jehova.)
Ke kotsi efe e ka tlisoang ke ho bapala lipapali tse akarelletsang mokhoa oa bonohe kapa ho batla se boleloang ke ntho e ’ngoe eo ho bonahalang e le pontšo ea botle bo tlang?
Deut. 18:10-12: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea profeta, leha e le ea botsang bafu; hobane bohle ba etsang litaba tseo ba manyala ho Jehova.” (Bonohe ke ho batla ho senola makunutu kapa ho bolela liketsahalo pele ho nako, e seng ka lebaka la liphuputso, empa ka ho kenella ka lipontšo kapa ka thuso ea matla ao e seng a tlhaho. Jehova o ile a hanela mekhoa e joalo har’a bahlanka ba hae. Hobane’ng? Mekhoa ena eohle ke memo ea ho buisana le meea e mebe kapa bademona kapa ho ba le eona. Ho kopanela linthong tse joalo ekaba ho se tšepahale ho feteletseng ho Jehova.)
Lik. 16:16-18, TLP: “Ha etsahala hore re khahlanyetsoe ke lekhabunyane le nang le moea oa bonohe, le neng le fumantša beng ba lona leruo le lengata ka bonohe ba lona.” (Ka ho hlakileng, ha ho ea ratang ho loka ea neng a ka ea mohloling o joalo oa boitsebiso, e-bang ke ka morero o tebileng kapa oa papali feela. Pauluse a khathala ke ho hōa hoa ngoanana, ’me a laela moea hore o tsoe ho ngoanana eo.)
Na meea e mebe e tseba ho iphetolela sebopehong sa botho?
Mehleng ea Noe, mangeloi a sa utloeng a ile a iphetolela sebopehong sa botho. A hla a nyala, ’me a e-ba le bana. (Gen. 6:1-4) Leha ho le joalo, eare ha Moroallo o e-tla, mangeloi ao a qobelloa ho khutlela sebakeng sa moea. Juda 6 e re ka oona: “O bolokile litlamong tse sa feleng le lefifing, ho lebella kahlolo ea letsatsi le leholo teng, mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba ’ona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa ’ona.” Molimo ha o ka oa a theola feela litokelong tseo a neng a e-na le tsona leholimong le ho a abela lefifi le letšo mabapi le merero ea Jehova, empa ha ho buuoa ka litlamo ho bontšoa hore o a tlamile. Ho eng? Ka ho totobetseng, hore a ka inkela ’mele ea nama hore a be le likamano tsa botona le botšehali le basali, joalokaha a ile a etsa pele ho Moroallo. Bibele e tlaleha hore mangeloi a khabane, e le manģosa a Molimo, a ne a fetohela nameng ha a phetha litšoanelo tsa ’ona ho fihlela lekholong la pele la lilemo C.E. Empa kamorao ho Moroallo, mangeloi a ileng a sebelisa hampe mpho ea oona a ile a amohuoa matla a ho ba ka sebopeho sa botho.
Leha ho le joalo, hoa thahasellisa hore ho bonahala bademona ba ka etsa hore batho ba bone lipono, ’me seo ba se bonang se ka ’na sa bonahala e le sa sebele. Ha Diabolose a leka Jesu, ho hlakile hore o ile a sebelisa mokhoa o joalo e le hore a ka bontša Jesu “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona.”—Matt. 4:8.
Motho a ka lokolloa joang tšusumetsong ea tšebelisano le meea e mebe?
Liprov. 18:10: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng [“o fuoa tšireletso,” NW].” (Hona ha ho bolele hore lebitso la Molimo le sebetsa e le seroala sa ho leleka bobe. “Lebitso” la Jehova le emela Jehova ka boeena. Re sireletsoa ha re mo tseba ’me re mo tšepa ka ho feletseng, re ikokobeletsa borena ba hae le ho utloa litaelo tsa hae. Ha re etsa sena, ha re hoa ho eena hore a re thuse, re sebelisa lebitso la hae, o re fa tšireletso eo a e tšepisitseng Lentsoeng la hae.)
Matt. 6:9-13: “Joale lōna, rapelang joalo, le re: . . . u se ke ua re isa molekong; u mpe u re loele ho e mobe.” Hape u tlameha ‘ho tiisetsa thapelong.’ (Ba-Roma 12:12, TLP) (Molimo o utloa lithapelo tse joalo tse tsoang ho bao kannete ba batlang ho tseba ’nete le ho o rapela ka mokhoa o o khahlisang.)
1 Ba-Kor. 10:21: “Le ke ke la noela senoelong sa Morena le senoelong sa bademona.” (Ba batlang botsoalle ba Jehova le tšireletso ea hae ba tlameha ho itokolla libokeng tsohle tsa tšebelisano le meea e mebe. Tumellanong le mohlala o tlalehiloeng ho Liketso 19:19, ke hoa bohlokoa hape ho senya kapa ho lahla ka tšoanelo lintho tsohle tseo motho a nang le tsona tse amanang le tšebelisano le meea e mebe.)
Jak. 4:7: “Ka baka leo, ipeeng ka tlase ho Molimo, le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Hore u tle u etse joalo, u ithute thato ea Molimo ka matla ’me u e sebelise bophelong ba hao. U matlafalitsoe ke ho rata Molimo khahlanong le ho tšaba motho, u hane ka matla ho kopanela mekhoeng leha e le efe e amanang le tšebelisano le meea e mebe kapa ho utloa litaelo leha e le life tse beoang ke batho ba sebelisanang le meea e mebe.)
‘Apara lihlomo tsohle tsa Molimo’ tse hlalositsoeng ho Ba-Efese 6:10-18 ’me u chesehele ho boloka karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e le boemong bo botle.