Khaolo ea 2
O Hlomphiloe Pele a Hlaha
KA MOR’A hore lengeloi Gabriele le bolelle moroetsana Maria hore o tla beleha ngoana oa moshemane eo e tla ba morena ka ho sa feleng, Maria oa botsa: “Taba eo e tla etsahala joang, athe ha ke tsebe monna?”
Gabriele oa hlalosa: “Moea o Halalelang o tla theohela holim’a hao, ’me matla a Ea holimo-limo a tla u khurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tsoaloa ke uena ho tla bitsoa Mor’a Molimo.”
Bakeng sa ho thusa Maria hore a kholoe molaetsa oa hae, Gabriele o tsoela pele: “’Me bona, Elizabetha, motsoal’ao, le eena o emere mora botsofaling ba hae; khoeli ena e se e le ea botšelela ea ea neng a bitsoa nyopa. Hobane ha ho letho le ke keng la etsoa ke Molimo.”
Maria o kholoa mantsoe a Gabriele. O arabela joang? Oa hooa: “Bona, ke lekhabunyane la Morena [Jehova], a nke ke etsoe ka polelo ea hao!”
Hang ha Gabriele a tsamaea, Maria oa itokisa ’me o etela Elizabetha ea lulang le monna oa hae Zakaria naheng ea Juda e lithaba. Lena ke leeto le lelelele ho tloha ha habo Maria Nazaretha ’me mohlomong le nka matsatsi a mararo kapa a mane.
Qetellong Maria o fihla lapeng ha Zakaria, oa kena ’me oa lumelisa. Ha a utloa tumeliso eo, Elizabetha o tlala moea o halalelang, ’me o re ho Maria: “Ho lehlohonolo uena har’a basali, ho lehlohonolo le eona tholoana ea popelo ea hao. ’Me ho ntlhahela kae ha ke eteloa ke ’m’a Moren’a ka? U ka bona, lentsoe la tumeliso ea hao etsoare ha le kena litsebeng tsa ka, ngoana a hlasimoloha ke thabo popelong ea me.”
Ha Maria a utloa sena, o arabela ka kananelo e tsoang pelong: “Moea [“sephefumolohi,” NW] oa ka o rorisa Morena [Jehova]; moea oa ka o inyakalletse ho Molimo, ’Moloki oa me; hobane o talimile bofutsana ba lekhabunyane la hae; ’me joale, meloko eohle e tla re, ke lehlohonolo, hobane Ea matla o nketselitse tse kholo.” Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mohau oo a o bontšitsoeng, Maria o lebisa tlhompho eohle ho Molimo. O re: “Lebitso la hae lea halalela; mohau oa hae o melokong ea meloko ea ba mo tšabang.”
Maria o tsoela pele ho rorisa Molimo ka pina ea boprofeta e bululetsoeng, o re: “O sebelitse ka matla ka letsoho la hae; o qhalantse ba ikhohomositseng mehopolong ea lipelo tsa bona; o lihile babusi literoneng tsa bona, ’me o phahamisitse ba ikokobelitseng; ba lapileng o ba khorisitse molemo, ’me ba ruileng o ba khutlisitse ba le feela; o hlokometse Iseraele, mohlanka oa hae, a tle a hopole mohau, oo a neng a o etsetse Abrahama le leloko [“peō,” NW] la hae ka ho sa feleng, kamoo a neng a boleletse baholo ba rōna.”
Maria o lula le Elizabetha likhoeli tse ka bang tharo ’me ha ho pelaelo hoo ke thuso e khōlō nakong ena ea libeke tsa ho qetela tsa boimana ba Elizabetha. Ka sebele ho hotle hore e be basali bana ba babeli ba tšepahalang, ba immeng ka thuso ea Molimo, ba ka ba hammoho nakong ena e hlohonolofalitsoeng ea bophelo ba bona!
Na u hlokometse tlhompho eo Jesu a e filoeng le pele a hlaha? Elizabetha o ile a ’mitsa “Moren’a ka,” ’me ngoana oa Elizabetha ea e-song ho hlahe o ile a hlasimoloha ka thabo ha Maria a hlaha ka lekhetlo la pele. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba tšoara Maria le lesea la hae le e-song ho hlahe ka tlhompho e fokolang, joalokaha re tla bona. Luka 1:26-56.
▪ Gabriele o bolella Maria eng ho mo thusa ho utloisisa hore na ke joang a tlang ho ima?
▪ Jesu o ile a hlomphuoa joang le pele a hlaha?
▪ Maria o re’ng pineng ea boprofeta ha a rorisa Molimo?
▪ Maria o lula le Elizabetha nako e kae, ’me ke hobane’ng ha ho loketse hore Maria a lule le Elizabetha nakong ee?