Khaolo ea 66
Moketeng oa Metlotloane
JESU o ile a tsebisahala haholo lilemo tse batlileng ho ba tharo hoba a kolobetsoe. Batho ba likete ba bone mehlolo ea hae, ’me litlaleho tsa mesebetsi ea hae li hasane le naha eohle. Hona joale, joalokaha batho ba phuthehela Jerusalema bakeng sa Mokete oa Metlotloane, ba ntse ba ’matla. Ba batla ho tseba, “Eloa o kae?”
Jesu o fetohile mohloli oa khanyetso. Ba bang ba re: “O molemo.” Ba bang baa phehella: “Che; empa o thetsa batho.” Ho na le phapang e khōlō ea mofuta oona ona nakong ea matsatsi a mararo a qalang a mokete. Ha ho lea mong ea nang le sebete sa ho emela Jesu phatlalatsa. Lebaka ke hobane batho ba tšaba boiphetetso bo tsoang ho baetapele ba Bajode.
Ha e se e le mahareng a mokete, Jesu oa fihla. O ea tempeleng, moo batho ba makalitsoeng ke matla a hae a hlollang a ho ruta. Kaha hose mohla Jesu a kileng a kena likolo tsa bolumeli, Bajode baa makala: “Na eo o tseba Mangolo joang, athe ha a ka a ithuta?”
Jesu oa hlalosa: “Thuto ea ka hase ea ka, empa e le ea ea nthomileng. Ekare ha motho a rata ho etsa thato ea hae, o tla tseba thuto hore na e tsoa ho Molimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.” Thuto ea Jesu e ipapisitse haufi le molao oa Molimo. Kahona, ho hlakile hore o batla thoriso ea Molimo, e seng ea hae. Jesu oa botsa: “Ha ke re, Moshe o le neile molao na?” Ka tsela ea ho ba nyatsa o re: “Ha ho e mong oa lōna ea phethang molao.”
Jesu joale oa botsa: “Le batlela’ng ho mpolaea?”
Batho ba bang har’a mokhopi, mohlomong baeti ba tlileng moketeng, ha ba elelloe boiteko bo joalo. Ba ho nka ho sa utloahale hore ho ka ba le motho ea batlang ho bolaea moruti ea molemohali joalo. Ka hona ba lumela hore e tlameha ebe ho teng ho hong ho phoso ho Jesu hore a nahane hona. Ba re: “U na le modemona; ke mang ea batlang ho u bolaea?”
Le hoja sechaba se sa hlokomele, baetapele ba Bajode ba batla hore Jesu a bolaoe. Selemo le halofo pele ha Jesu a ne a folisitse motho ka sabbatha, baetapele ba ile ba leka ho ’molaea. Jesu joale o totobatsa ho hloka mabaka ha bona ka ho ba botsa: “Na ha motho a bolotsoa ka sabbatha, ho tle ho se ke ha tlōloa molao oa Moshe, le nkhalefetse ke’ng ha ke folisitse motho kahohle ka sabbatha na? Se ahloleng ka ho bona feela le mpe le ahlole ka kahlolo e lokileng.”
Baahi ba Jerusalema, ba elelloang boemo bona, joale ba re: “Na hase eena eo ba ’matlang ho ’molaea na? Athe bonang, ke enoa o bua pepeneneng, ’me ha ba mo fetole ka letho; na baholo ba tsebile ruri hobane ke eena e leng Kreste na?” Batho bana ba Jerusalema ba hlalosa hore na ke hobane’ng ha ba sa lumele hore Jesu ke Kreste: “Enoa re mpa re mo tseba moo a tsoang teng, athe Kreste, mohla a tlang, ha ho motho ea tla tseba moo a tsoang teng.”
Jesu oa arabela: “Lea ntseba, le bile le tseba le moo ke tsoang teng; ha kea itlisa, empa ea nthomileng ke oa ’nete, ’me ha le mo tsebe. Empa ’na kea mo tseba, kahobane ke tsoa ho eena, ’me ke romiloe ke eena.” Ka sena ba leka ho mo tšoara, mohlomong ba mo kenye teronkong kapa ba ’molaee. Empa ha ba atlehe hobane ha e e-s’o be nako ea Jesu ea ho shoa.
Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba lumela ho Jesu, joalokaha ka sebele ba ne ba tšoanetse. Ke hobane o ne a ile a tsamaea holim’a metsi, a kokobetsa meea e matla, a khutsisa lifefo maoatleng, a fepa ka mohlolo ba likete ka mahobe a seng makae le litlhapi, a folisa ba kulang, a etsa hore lihlotsa li tsamaee, a tutubolla mahlo a lifofu, a folisa balepera, haesita le ho tsosa bafu. Ka hona baa botsa: “Etlare hobane Kreste a tle, na o tla etsa mehlolo e fetisang e entsoeng ke enoa na?”
Eare ha bafarisi ba utloa kamoo sechaba se korotlang kateng, bona le baprista ba baholo ba rōma bahlanka ho tšoara Jesu. Johanne 7:11-32.
▪ Jesu o fihla neng moketeng, ’me batho ba re’ng ka eena?
▪ Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba ba bang ba re Jesu o na le modemona?
▪ Baahi ba Jerusalema ba na le pono efe ka Jesu?
▪ Ke hobane’ng ha ba bangata ba lumela ho Jesu?