Kamoo Bukana Ena e ka Sebelisoang Kateng
Bukana ena e reretsoe ho ba thupelo ea thuto ea Bibele. E lokela ho sebelisoa joang? Re etsa tlhahiso ea lenaneo le latelang: Qalong ea thuto ka ’ngoe, ho na le lipotso. Ka masakaneng ka mor’a potso ka ’ngoe, u tla fumana linomoro tsa lirapa tseo likarabo li fumanoang ho tsona. Bala lipotso kaofela pele. Nahana ka tsona. Ebe u bala serapa ka seng, ’me u shebe mangolo ka Bibeleng ea hao. Ha u qetile thuto, khutlela lipotsong ’me u leke ho hopola karabo ea Bibele potsong ka ’ngoe. Ha u qetile bukana ena eohle, khutlela morao ’me u hlahlobe lipotso kaofela.