Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gf thuto 7 maq. 12-13
  • Temoso e Tsoang Nakong e Fetileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Temoso e Tsoang Nakong e Fetileng
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nakong ea Moroallo o Moholo—Ke Bo-mang ba Ileng ba Mamela? Ke Bo-mang ba sa Kang ba Mamela?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • Areka ea Noe
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • O Ile a ‘Sireletsoa le ba Bang ba Supileng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Metsi a Timetsa Lefatše—Na a Tla le Timetsa Hape?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
gf thuto 7 maq. 12-13

Thuto ea 7

Temoso e Tsoang Nakong e Fetileng

Jehova a ke ke a lumella batho ba babe ho senya Paradeise. Ke metsoalle ea hae feela e tla phela teng. Ho tla etsahala’ng ka batho ba babe? Hore u tsebe karabo, nahana ka taba e etsahetseng e le kannete ea Noe. Noe o phetse lilemong tse likete tse fetileng. E ne e le motho ea molemo eo kamehla a neng a leka ka thata ho etsa thato ea Jehova. Empa batho ba bang lefatšeng ba ne ba etsa lintho tse mpe. Kahoo, Jehova o ile a bolella Noe hore O tla tlisa moroallo hore a timetse batho bao ba khopo kaofela. O ile a bolella Noe hore a hahe areka e le hore eena le lelapa la hae ba se ke ba shoa ha Moroallo o fihla.—Genese 6:9-18.

Noe o ile a haha areka le lelapa la hae. Noe o ile a lemosa batho hore Moroallo oa tla, empa ha baa ka ba mo mamela. Ba ile ba tsoela pele ba etsa lintho tse mpe. Hoba areka e fele, Noe o ile a kenya liphoofolo ka arekeng, ’me eena le lelapa la hae le bona ba kena ka hare. Eaba Jehova o tlisa sekhohola se seholo. Pula e ile ea na ka matsatsi a 40 le masiu a 40. Metsi a ile a koahela lefatše lohle.—Genese 7:7-12.

Batho ba khopo ba ile ba shoa, empa Noe o ile a pholoha le lelapa la hae. Jehova o ile a ba pholosa Moroallong a ba kenya lefatšeng le hloekisitsoeng bokhopo bohle. (Genese 7:22, 23) Bibele e bolela hore nako e boetse ea tla eo ka eona Jehova a tla timetsa ba hanang ho etsa se nepahetseng. Batho ba molemo ba ke ke ba timetsoa. Ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise.—2 Petrose 2:5, 6, 9.

Kajeno batho ba bangata ba etsa lintho tse mpe. Lefatše le tletse likhathatso. Jehova o rōma Lipaki tsa hae nako le nako ho lemosa batho, empa ba bangata ha ba batle ho mamela mantsoe a Jehova. Ha ba batle ho fetola litsela tsa bona. Ha ba batle ho amohela hore na Molimo o re’ng ka se nepahetseng le se fosahetseng. Ho tla etsahala’ng ka batho baa? Na ka letsatsi le leng ba tla fetoha? Ba bangata ba ke ke ba fetoha. Nako ea tla eo ka eona batho ba khopo ba tla timetsoa ’me ba ke ke ba hlola ba phela hape.—Pesaleme ea 92:7.

Lefatše le ke ke la timetsoa; le tla etsoa paradeise. Ba fetohang metsoalle ea Molimo ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise.—Pesaleme ea 37:29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela