Thuto ea 13
Boselamose le Boloi li Mpe
Satane o batla hore u sebelise boselamose. Ba bangata ba hlabela balimo kapa meea ho itšireletsa likotsing. Ba etsa sena hobane ba tšaba matla a meea. Ba roala masale kapa lipetja tsa boselamose. Ba noa “litlhare” kapa ba itlotsa ’meleng ka tsona ba nahana hore li na le matla a mehlolo. Matlong a bona kapa fatše feela, batho ba bang ba chekela lintho tseo ho lumeloang hore li na le matla a ho sireletsa. Ba bang ba sebelisa “litlhare” tseo ho lumeloang hore li tla ba tlisetsa katleho khoebong, litlhahlobong tsa sekolo, kapa litabeng tsa lefereho.
Tšireletso e molemo ka ho fetisisa khahlanong le Satane ke hore Jehova e be motsoalle oa hao. Jehova Molimo le mangeloi a hae ba matla haholo ho feta Satane le bademona ba hae. (Jakobo 2:19; Tšenolo 12:9) Jehova o chesehela ho bontša matla a hae molemong oa metsoalle ea hae—e leng ba tšepahalang ka ho feletseng ho eena.—2 Likronike 16:9.
Lentsoe la Molimo le re: “Le se ke la sebelisa boselamose.” Jehova o nyatsa boselamose le boloi hobane mekhoa eo e ka beha motho ka ho toba taolong ea Satane Diabolose.—Levitike 19:26.