Thuto 40
Ho Nepahala ha Polelo
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Nehelana ka boitsebiso bo lumellanang le linnete ka ho feletseng.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Ho nepahala ha seo u se buang ho bonahatsa hantle seo u leng sona, mokhatlo o hlophisitsoeng oo u sebetsang le oona le Molimo eo u mo rapelang.
KE ENG e ka ’nang ea etsa hore Mokreste a fane ka boitsebiso boo e seng ’nete? E ka ’na eaba o mpa feela a pheta ho hong hoo a ho utloileng, a sa ipha nako ea ho hlahloba linnete. Kapa a ka fetelletsa taba hobane a sa hlokomela hore ha aa ka a bala mohloli oa boitsebiso ba hae hantle. Ha re ela hloko ka ho fetisisa ho nepahala ha ntho esita le litabeng tse nyenyane, bamameli ba rōna ba tla bona hore ba ka kholiseha ka ho nepahala ha likarolo tsa bohlokoa haholoanyane tsa molaetsa oa rōna.
Tšebeletsong ea Tšimo. Ba bangata ba ikutloa ba tšaba ho qalisa ho ea tšebeletsong ea tšimo ha ba hlokomela hore ho sa na le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho ithuta tsona. Leha ho le joalo, kapele-pele ba hlokomela hore ba khona ho fana ka bopaki bo atlehang, esita leha ba e-na le tsebo ea motheo feela ea ’nete. Ba ka finyella see joang? Senotlolo ke tokisetso.
Pele u e-ea tšebeletsong ea tšimo, tloaelana le taba eo u batlang ho e tšohla. Leka ho nahana esale pele hore na bamameli ba hao ba ka ’na ba botsa lipotso life. Batla likarabo tse khotsofatsang tse thehiloeng Bibeleng. Sena se tla u hlomella hore u fane ka likarabo tse nepahetseng ka kelello e phutholohileng. Na u il’o khanna thuto ea Bibele? Hlahloba boitsebiso ba thuto eo ka hloko. Tiisa hore u utloisisa motheo oa Mangolo oa lipotso tse hatisitsoeng.
Ho thoe’ng haeba mong’a ntlo kapa motho eo u sebetsang le eena a u botsa potso eo u sa lokisetsang ho e araba? Haeba u sa kholiseha ka makolopetso a taba, u se ke ua noha karabo. “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.” (Liprov. 15:28) Mohlomong u ka fumana thuso eo u e hlokang bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo kapa ho “Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano” haeba li fumaneha ka puo ea hao. Haeba u sa nka leha e le efe ea likhatiso tsena, ithaopele hore u tla etsa lipatlisiso ’me u khutle hape. Haeba motho ea u botsitseng potso a tšepahala, a ke ke a ba le bothata ba ho leta bakeng sa karabo e nepahetseng. Ha e le hantle, a ka tsota boikokobetso ba hao.
Ho sebetsa tšimo le bahoeletsi ba nang le phihlelo ho ka u thusa ho hlaolela bokhoni ba ho tšoara Lentsoe la Molimo ka nepo. Hlokomela mangolo ao ba a sebelisang le tsela eo ba behang mabaka ka eona. Amohela ka boikokobetso litlhahiso leha e le life kapa thuso ea ho ntlafatsa eo ba fanang ka eona. Morutuoa ea chesehang Apolose o ile a rua molemo thusong eo a ileng a e amohela ho ba bang. Luka o ile a hlalosa Apolose e le “ea kheleke puong,” ‘ea rutehileng haholo,’ le ‘ea chesehang moeeng,’ monna ea ‘buang le ho ruta ka mokhoa o nepahetseng lintho tse mabapi le Jesu.’ Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le khaello e itseng kutloisisong ea hae. Ha Prisilla le Akuila ba hlokomela sena, ba ile “ba mo nka hore a be ’moho le bona ’me ba mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.”—Lik. 18:24-28.
‘Ho Itšoarella ka Tieo Lentsoeng le Tšepahalang.’ Linehelano tsa rōna libokeng li lokela ho bontša hore re hlompha haholo karolo eo phutheho e e phethang joaloka “tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Tim. 3:15) E le hore re ka emela ’nete, ke habohlokoa hore re utloisise mangolo ao re rerang ho a sebelisa lipuong. Nahana ka litemana tse a potolohileng le morero oa ’ona.
Seo u se buang sebokeng sa phutheho se ka ’na sa phetoa. Ke ’nete hore “kaofela re khoptjoa hangata.” (Jak. 3:2) Empa u tla rua molemo ka ho hlaolela mekhoa e tlatsetsang ho bueng ka mokhoa o nepahetseng. Barab’abo rōna ba bangata ba ngolisitseng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ba qetella e le baholo. Ho lebeletsoe ho “fetang ho tloaelehileng” ho ba jarisitsoeng boikarabelo bo joalo. (Luka 12:48) Haeba ka ho se natse moholo a fana ka keletso e fosahetseng e fellang ka ho tlisetsa litho tsa phutheho mathata a tebileng, moholo eo a ka itlisetsa bohale ba Molimo. (Mat. 12:36, 37) Kahoo, mor’abo rōna ea tšoanelehang joaloka moholo o lokela ho tsebahala ka ho ‘itšoarella ka tieo lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea hae ea ho ruta.’—Tite 1:9.
U hlokomele hore mabaka a hao a lumellana le “mohlala oa mantsoe a phelisang hantle” o bonahalang ’neteng eohle ea Mangolo. (2 Tim. 1:13) Sena ha sea lokela ho u tšosa. Mohlomong u sa ntse u lokela ho qeta ho bala Bibele kaofela. Tsoela pele ho sebeletsa ntlheng eo. Empa khabareng, hlokomela kamoo litlhahiso tse latelang li ka u thusang kateng ho sekaseka boitsebiso boo u nahanang ho bo sebelisa ha u ruta.
Pele, ipotse: ‘Na boitsebiso boo bo lumellana le seo ke seng ke ithutile sona ka Bibeleng? Na bo tla hulela bamameli ba ka ho Jehova, kapa na bo phahamisa bohlale ba lefatše, bo khothalletsa batho hore ba tataisoe ke bona?’ Jesu o itse: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Joh. 17:17; Deut. 13:1-5; 1 Bakor. 1:19-21) Ka mor’a moo, sebelisa hamolemo lithulusi tse lokiselitsoeng ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. Li ke ke tsa u thusa feela ho utloisisa mangolo ka nepo empa hape li tla u thusa ho a sebelisa ka teka-tekano le kahlolo e molemo. Haeba u theha lipuo tsa hao ‘mohlaleng oa mantsoe a phelisang hantle’ ’me u itšetleha ka mocha oa Jehova ha u hlalosa mangolo le ho bontša kamoo a sebetsang kateng, u tla bua lintho tse nepahetseng.
Ho Hlahloba ho Nepahala ha Boitsebiso. Liketsahalo tsa morao-rao, mantsoe a qotsitsoeng le liphihlelo li ka thusa ha u hlakisa le ha u bontša kamoo lintlha tse itseng li sebetsang kateng. U ka tiisa joang hore li nepahetse? Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ho fumana boitsebiso bo joalo mehloling e tšepahalang. Hopola ho netefatsa hore na boitsebiso boo bo nakong. Lipalo-palo li fetoa ke nako; litšibollo tsa saense li nkeloa sebaka ke tse li fetang kapele; ’me ha motho a ntse a eketsa kutloisiso ea hae ea histori le ea lipuo tsa boholo-holo, liqeto tseo a ileng a li theha tsebong ea nako e fetileng li lokela ho hlahlojoa hape. E-ba hlokolosi haholo ha u nahana ka ho sebelisa boitsebiso bo tsoang likoranteng, thelevisheneng, seea-le-moeeng, melaetseng e tsamaeang ka elektronike kapa ho Internet. Liproverbia 14:15 ea eletsa: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” Ipotse: ‘Na mohloli oo o tumme ka hore o nepahetse? Na boitsebiso boo bo ka netefatsoa ka litsela tse ling?’ Haeba u belaella bonnete ba taba e itseng, u se ke ua e sebelisa.
Ho phaella ho hlahlobeng ho tšepahala ha mehloli, nahana ka hloko ka hore na u rerile ho sebelisa boitsebiso boo joang. Tiisa hore tšebeliso ea hao ea mantsoe a qotsitsoeng le lipalo-palo e lumellana le moelelo oa taba eo li nkiloeng ho eona. Ha u leka ho hatisa ntlha ea hao, u hlokomele hore polelo e reng “batho ba bang” e se ke ea fetelletsoa ho ba “boholo ba batho,” le e reng “batho ba bangata” e se ke ea e-ba “e mong le e mong” le hore “maemong a mang” e se ke ea e-ba “kamehla.” Ho hatisa litaba haholo kapa ho fetelletsa litlaleho tse akarelletsang lipalo, boholo, kapa botebo ba ntho ho hlahisa lipotso mabapi le ho tšepahala ha se buuoang.
Ha u nepa kamehla ho seo u se buang, u tla tsejoa u le motho ea hlomphang ’nete. Sena se hlahisa Lipaki tsa Jehova hantle joaloka sehlopha. Habohlokoa le ho feta, se hlompha “Jehova Molimo oa ’nete.”—Pes. 31:5.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Hanela khatello ea ho fana ka karabo ha u sa tiisehe.
Theha litlhaloso tsa hao ‘mohlaleng oa mantsoe a phelisang hantle’ o ka Bibeleng.
Etsa lipatlisiso ka taba ea hao.
Hlahloba ho nepahala ha lipalo-palo, mantsoe a qotsitsoeng le liphihlelo ’me u li sebelise u sa li fetelletse. Qoba ho noha makolopetso ao u sa a hopoleng hantle.
BOITLHAKISO: Kōpa Paki e hōlileng tsebong hore e hlahlobe ho nepahala ha seo u se buang ha u ntse u hlalosa boitsebiso bo latelang ka mantsoe a hao: (1) Jehova ke motho oa mofuta ofe hona u tseba see joang? (2) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a nehelana ka bophelo ba hae e le sehlabelo ’me re ka rua molemo joang ho see? (3) Ho tloha ha a behoa teroneng e le Morena, Jesu Kreste o ntse a etsa’ng?