Khaolo ea 1
Lebaka Leo ka Lona Jesu e Bileng Mosuoe e Moholo
LILEMONG tse fetang likete tse peli tse fetileng, ho ile ha tsoaloa ngoana ea ikhethang haholo ea ileng a hōla ’me ea e-ba motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. Mehleng eo ea khale ho ne ho se na motho ea nang le lifofane kapa likoloi. Ho ne ho se na lintho tse kang lithelevishene, lik’homphieutha le Internet.
Ngoana eo o ile a rehoa lebitso la Jesu. E ile ea e-ba motho ea bohlale ka ho fetisisa ea kileng a ba teng lefatšeng. Jesu e ile ea boela ea e-ba mosuoe ea molemo ka ho fetisisa. O ne a hlalosa lintho tse thata ka tsela e neng e etsa hore ho be bonolo ho li utloisisa.
Jesu o ne a ruta batho hohle moo a neng a kopana le bona teng. O ne a ba ruta ba le lebōpong la leoatle le ka likepeng. A ba ruta ba le matlong a bona le ha ba le tseleng. Jesu o ne a se na koloi, hape o ne a sa tsamaee ka bese kapa ka terene. Jesu o ne a tsamaea ka maoto ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, a ruta batho.
Re ithuta lintho tse ngata ho batho ba bang. Empa re ka ithuta lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa ho Mosuoe e Moholo, Jesu. Mantsoe a Jesu a fumanoa ka Bibeleng. Ha re utloa mantsoe ao ka Bibeleng, ho tšoana le ha eka Jesu o bua le rōna.
Ke hobane’ng ha Jesu e bile Mosuoe e Moholo joalo? Lebaka le leng ke hore Jesu ka boeena o ne a rutiloe. O ne a tseba hore ho mamela ke habohlokoa. Empa Jesu o ne a mamela mang? O ne a rutoa ke mang?— O ne a rutoa ke Ntate oa hae. ’Me Ntate oa Jesu ke Molimo.
Pele a tla lefatšeng e le motho, Jesu o ne a phetse leholimong le Molimo. Kahoo Jesu o ne a fapane le batho ba bang kaha ha ho motho e mong ea phetseng leholimong pele a tsoaloa lefatšeng. Ha Jesu a le leholimong e ne e le Mora ea mamelang, o ne a mamela Ntate oa hae. Ka hona Jesu o ne a khona ho ruta batho seo a ithutileng sona ho Molimo. Le uena u ka etsisa Jesu ka ho mamela ’mè oa hao le ntate oa hao.
Lebaka le leng leo Jesu e bileng Mosuoe e Moholo ka lona ke hobane o ne a rata batho. O ne a batla ho thusa batho ho ithuta ka Molimo. Jesu o ne a rata batho ba baholo, empa o ne a rata le bana. Le bana ba ne ba rata ho ba le Jesu hobane o ne a bua le bona le ho ba mamela.
Ka letsatsi le leng batsoali ba bang ba ile ba tlisa bana ba bona ba banyenyane ho Jesu. Empa metsoalle ea hae e ile ea nahana hore Mosuoe e Moholo o tšoarehile haholo hore a ka buisana le bana ba banyenyane. Kahoo metsoalle ea Jesu ea ba bolella hore ba tsamaee. Empa Jesu o ile a re’ng?— Jesu o ile a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela.” E, Jesu o ne a batla hore bana ba banyenyane ba tle ho eena. Le hoja e ne e le motho ea bohlale le oa bohlokoa haholo, Jesu o ile a ipha nako ea ho ruta bana ba banyenyane.—Mareka 10:13, 14.
Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a ruta bana le ho ba mamela? Lebaka le leng ke hobane o ne a batla hore ba thabe ka hore a ba bolelle lintho tse itseng ka Molimo, Ntate oa hae oa leholimo. U ka thabisa batho ba bang joang?— Ka ho ba bolella lintho tseo u ithutileng tsona ka Molimo.
Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a sebelisa ngoana e monyenyane ho ruta metsoalle ea Hae thuto ea bohlokoa. O ile a nka ngoana a mo emisa har’a barutuoa ba Hae, e leng balateli ba Hae. Eaba Jesu o bolella banna bao ba baholo hore ba lokela ho fetola litsela tsa bona ’me ba tšoane le ngoana enoa.
Jesu o ne a bolela’ng ka seo? Na ua tseba hore na motho e moholo, kapa esita le ngoana ea seng a batla a hōlile, ba lokela ho tšoana le ngoana e monyenyane joang?— Ngoana e monyenyane ha a tsebe lintho tse ngata joaloka motho e moholo ebile o rata ho ithuta. Kahoo Jesu o ne a re barutuoa ba hae ba lokela ho ikokobetsa, joaloka bana ba banyenyane. E, re ka ithuta lintho tse ngata ho batho ba bang. ’Me bohle re lokela ho elelloa hore lithuto tsa Jesu ke tsa bohlokoa ho feta likhopolo tsa rōna.—Matheu 18:1-5.
Lebaka le leng le entseng hore Jesu e be Mosuoe e Moholo joalo ke hobane o ne a tseba ho etsa hore lintho e be tse thahasellisang ho batho. O ne a hlalosa lintho ka tsela e bonolo, e hlakileng. O ile a bua ka linonyana le lipalesa le lintho tse ling tse tloaelehileng ho thusa batho hore ba utloisise lintho tse itseng ka Molimo.
Ka letsatsi le leng ha Jesu a ntse a le mosikong oa thaba, batho ba bangata ba ile ba tla ho eena. Jesu o ile a lula fatše ’me a ba fa puo, kapa a ba ruta, joalokaha u bona mona. Puo eo e bitsoa Thuto ea Thabeng. O ile a re: ‘Bonang linonyana sepakapakeng. Ha li leme. Ha li bokelle lijo ka matlong. Empa Molimo ea leholimong oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta?’
Jesu o ile a boela a re: ‘Ithuteng ka likhahla tsa naha. Li mela li sa sebetsa. Empa ak’u bone kamoo li leng ntle kateng! Le Morena Solomone oa morui ha aa ka a apara ka bokhabane ho feta likhahla tsena tsa naha. Kahoo haeba Molimo o hlokomela lipalesa tse melang, na lōna ha a na ho le hlokomela?’—Matheu 6:25-33.
Na u utloisisa thuto eo Jesu a neng a e ruta?— O ne a sa batle hore re tšoenyehe ka hore na re tla fumana lijo tseo re li jang kapa liaparo tseo re li aparang hokae. Molimo oa tseba hore re hloka lintho tseo kaofela. Jesu ha aa ka a re ha rea lokela ho sebeletsa lijo le liaparo. Empa o itse re lokela ho etelletsa Molimo pele. Haeba re etsa seo, Molimo o tla tiisa hore re ba le lijo tseo re li jang le liaparo tseo re li aparang. Na u lumela seo?—
Ha Jesu a qeta ho bua, batho ba ile ba nahana’ng?— Bibele e re ba ile ba hlolloa ke tsela eo a rutang ka eona. Ho ne ho thahasellisa haholo ho mo mamela. Seo a neng a se bua se ne se thusa batho ho etsa se nepahetseng.—Matheu 7:28.
Kahoo ke habohlokoa hore re ithute ho Jesu. Na ua tseba hore na u ka ithuta ho eena joang?— Re ngoletsoe lipolelo tsa hae bukeng. Na ua tseba hore na buka eo ke efe?— Ke Bibele e Halalelang. Sena se bolela hore re ka mamela Jesu ka ho ela hloko lintho tseo re li balang ka Bibeleng. Ha e le hantle, Bibele e na le pale e thahasellisang e bontšang kamoo Molimo ka boeena a ileng a re bolella hore re mamele Jesu kateng. A re boneng hore na ho ile ha etsahala’ng.
Ka letsatsi le leng Jesu o ile a nka metsoalle ea hae e meraro a nyolohela le eona thabeng. Mabitso a eona ke Jakobo, Johanne le Petrose. Re tla ithuta ho eketsehileng ka banna bana hamorao, kaha boraro ba bona e ne e le metsoalle ea Jesu e haufi. Empa ketsahalong ena e khethehileng, sefahleho sa Jesu se ile sa qala ho khanya. Liaparo tsa hae tsa phatsima joaloka leseli, joalokaha u bona mona.
Ka mor’a moo, Jesu le metsoalle ea hae ba utloa lentsoe le e-tsoa leholimong. Le re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.” (Matheu 17:1-5) Na ua tseba hore na lentsoe leo e ne e le la mang?— E ne e le lentsoe la Molimo! E, ke Molimo ea neng a re ba lokela ho mamela Mora oa hae.
Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Na re tla utloa Molimo le ho mamela Mora oa hae, Mosuoe e Moholo?— Ke sona seo bohle re lokelang ho se etsa. Na u sa hopola hore na re ka etsa seo joang?—
E, re ka mamela Mora oa Molimo ka ho bala litlaleho tsa bophelo ba hae tse ka Bibeleng. Ho na le lintho tse ngata tse babatsehang tseo Mosuoe e Moholo a ka re bolellang tsona. U tla thabela ho ithuta lintho tsena tse ngotsoeng ka Bibeleng. Le uena u tla thaba ha u bolella metsoalle ea hao ka lintho tse molemo tseo u ithutileng tsona.
E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka melemo e meng e tlisoang ke ho mamela Jesu, phetla Bibele ea hao ebe u bala Johanne 3:16; 8:28-30; le Liketso 4:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ke hobane’ng ha bana ba ne ba rata ho ba le Jesu?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Bana ba seng ba hōlile le batho ba baholo ba ka ithuta eng ho ngoana e monyenyane?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Jesu o ne a ruta thuto efe ha a ne a bua ka linonyana le lipalesa?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
“Enoa ke Mora oa ka . . . Mo mameleng”