Khaolo ea 28
Kamoo U ka Tsebang eo U Lokelang ho mo Mamela
KA LINAKO tse ling ho thata ho tseba hore na re lokela ho mamela mang. ’Mè oa hao kapa ntate oa hao a ka ’na a u bolella hore u etse ntho e itseng. Empa tichere sekolong kapa lepolesa e ka ’na ea u bolella hore u etse ntho e fapaneng. Ha seo se etsahala, u tla mamela mang pakeng tsa bona?—
Pejana bukeng ena, Khaolong ea 7, re ile ra bala Baefese 6:1-3 Bibeleng. Moo ho thoe bana ba lokela ho mamela batsoali ba bona. Lengolo leo le re: “Le mamele batsoali ba lōna bonngoeng le Morena.” Na ua tseba hore na ho ba “bonngoeng le Morena” ho bolela’ng?— Batsoali ba bonngoeng le Morena ba ruta bana ba bona ho mamela melao ea Molimo.
Empa batho ba bang ba baholo ha ba lumele ho Jehova. Joale, ho thoe’ng haeba e mong oa bona a re ho kopitsa ha ho ngoloa tlhahlobo sekolong kapa ho nka ntho e itseng lebenkeleng u sa e lefella ho lokile? Na ho loketse hore ngoana a kopitse kapa a utsoe?—
Hopola hore ka lekhetlo le leng Morena Nebukadnezare o ile a laela hore motho e mong le e mong a inamele setšoantšo sa khauta seo a neng a se emisitse. Empa Shadrake, Meshake le Abednego ha baa ka ba se inamela. Na u tseba lebaka?— Ke hobane Bibele e re batho ba lokela ho rapela Jehova a ’notši.—Exoda 20:3; Matheu 4:10.
Ka mor’a lefu la Jesu, baapostola ba hae ba ile ba tlisoa ka pel’a Sanhedrine, e leng lekhotla le phahameng la bolumeli la Bajuda. Moprista ea Phahameng Kaifase o ile a re: “Re ile ra le laela ka tieo hore le se ke la ’na la ruta ka lebitso [la Jesu], ’me leha ho le joalo, bonang! le tlatsitse Jerusalema thuto ea lōna.” Ke hobane’ng ha baapostola ba sa ka ba mamela Sanhedrine?— Petrose ha a bua lebitsong la baapostola ba bang, o ile a araba Kaifase a re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:27-29.
Mehleng eo, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba e-na le matla a maholo. Leha ho le joalo, naha ea bona e ne e busoa ke ’muso oa Roma. Hlooho ea ’muso oo e ne e le Cesare. Le hoja Bajuda ba ne ba sa batle ho busoa ke Cesare, ’muso oa Roma o ne o ba etsetsa lintho tse ngata tse molemo. ’Me le kajeno mebuso e etsetsa baahi ba eona lintho tse molemo. Na ua tseba hore na tse ling tsa lintho tsee ke life?—
Mebuso e etsa litsela tseo ho tsamauoang ho tsona le ho lefa mapolesa le bo-ralitima-mollo ho re sireletsa. E boetse e lokisetsa bana hore ba kene sekolo hape e hlokomela batho ba hōlileng ba kulang. ’Muso o fana ka chelete hore lintho tsena li be teng. Na ua tseba hore na ’muso o fumana chelete hokae?— O e fumana bathong. Chelete eo batho ba e lefang ’muso e bitsoa lekhetho.
Ha Mosuoe e Moholo a ne a phela lefatšeng, Bajuda ba bangata ba ne ba sa batle ho lefa lekhetho ho ’muso oa Roma. Kahoo ka letsatsi le leng baprista ba ile ba hira banna ba bang hore ba botse Jesu potso e le ha ba leka ho mo kenya khathatsong. Potso ea bona e ne e re, ‘Na re lokela ho lefa Cesare lekhetho kapa che?’ E ne e le potso e poteletseng. Haeba Jesu a ne a ka araba ka ho re, ‘E, le lokela ho lefa lekhetho,’ Bajuda ba bangata ba ne ba sa tl’o rata seo. Empa Jesu o ne a ke ke a re, ‘Che, ha ho hlokahale hore le lefe lekhetho.’ O ne a tla be a fositse ha a cho joalo.
Kahoo, Jesu o ile a etsa’ng? O ile a re: ‘Mpontšeng chelete ea tšepe.’ Ha ba mo fa eona, Jesu a ba botsa: ‘E na le setšoantšo le lebitso la mang ho eona?’ Banna bao ba re: “Tsa Cesare.” Kahoo Jesu a re: “Joale, ka sebele le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”—Luka 20:19-26.
Ho ne ho se motho ea ka fumanang phoso ka karabo eo. Haeba Cesare a etsetsa batho lintho, ka sebele ho loketse hore ho sebelisoe chelete eo Cesare a e entseng hore a lefuoe ka eona bakeng sa lintho tsena. Ka tsela ena, Jesu o ile a bontša hore ho loketse ho lefa ’muso lekhetho bakeng sa lintho tseo re li fumanang ho oona.
E ka ’na eaba u sa le monyenyane hore u ka lefa lekhetho. Empa ho na le ho hong hoo u lokelang ho ho fa ’muso. Na ua tseba hore na ke eng?— Ke ho mamela melao ea ’muso. Bibele e re: ‘Le mamele balaoli ba phahameng.’ Balaoli bana ke batho ba nang le matla pusong. Kahoo Molimo ke eena ea reng re lokela ho mamela melao ea ’muso.—Baroma 13:1, 2.
Ho ka ’na ha e-ba le molao o reng ho se ke ha lahleloa lipampiri kapa lintho tse ling seterateng. Na u lokela ho mamela molao oo?— E, Molimo o batla hore u o mamele. Na le mapolesa u lokela ho a mamela?— ’Muso o lefa mapolesa hore a sireletse batho. Ho a mamela ho tšoana le ho mamela ’muso.
Kahoo haeba u batla ho tšela ’mila eba lepolesa le re “Ema pele!” u lokela ho etsa’ng?— Haeba ba bang bona ba matha feela ba feta, uena u lokela ho etsa joang?— U lokela ho ema, le haeba e le uena feela ea emeng. Molimo o re u mamele.
Ho ka ’na ha e-ba le bothata bo itseng motseng, ebe mohlomong lepolesa le re: “Le se ke la tsamaea seterateng. Le se ke la tsoela ka ntle.” Empa u ka ’na ua utloa lerata ’me ua ipotsa hore na ho etsahala’ng. Na u lokela ho tsoela ka ntle u il’o bona?— Na seo e tla be e le ho mamela “balaoli ba phahameng”?—
Libakeng tse ngata, ’muso o haha le likolo le ho lefa matichere. Na u nahana hore Molimo o batla hore u mamele tichere?— Ak’u nahane ka taba ena. ’Muso o lefa matichere hore a rute, feela joalokaha o lefa mapolesa hore a sireletse batho. Kahoo ho mamela lepolesa kapa tichere ho tšoana le ho mamela ’muso.
Empa ho thoe’ng haeba tichere e re u lokela ho etsetsa setšoantšo se itseng ketso ea borapeli? Joale u tla etsa’ng?— Baheberu ba bararo ha baa ka ba inamela setšoantšo le ha Morena Nebukadnezare a ne a re ba se inamele. Na u sa hopola lebaka?— Ke hobane ba ne ba batla ho mamela Molimo.
Mongoli e mong oa histori ea bitsoang Will Durant o ile a ngola ka Bakreste ba pele ’me a re ‘ba ne ba sa bontše botšepehi ba bona bo feletseng [kapa, bo sa sekisetseng] ho Cesare.’ Empa ba ne ba bo bontša ho Jehova! Kahoo hopola hore Molimo o lokela ho tla pele bophelong ba rōna.
Re mamela ’muso hobane ke seo Molimo a batlang hore re se etse. Empa haeba re bolelloa hore re etse ntho e ’ngoe eo Molimo a reng ha rea lokela ho e etsa, re lokela ho re’ng?— Re lokela ho bua seo baapostola ba ileng ba se bolella moprista ea phahameng: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
Bibele e re ruta hore re hlomphe molao. Bala se ngotsoeng ho Matheu 5:41; Tite 3:1; le 1 Petrose 2:12-14.
[Setšoantšo se leqepheng la 148]
Petrose o re’ng ho Kaifase?
[Setšoantšo se leqepheng la 149]
Jesu o ile a araba joang potso e poteletseng ea banna baa?
[Setšoantšo se leqepheng la 151]
Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela lepolesa?