Sekoahelo se ka Morao
LETSATSI LA JEHOVA . . . ke taba e ntseng e pheta-phetoa libukeng tsa ho qetela tse 12 tsa Mangolo a Seheberu. Batho ba bangata ha baa tloaela libuka tsena tsa boprofeta, leha ho le joalo, ho tsona u tla fumana boitsebiso bo molemo boo u ka bo sebelisang bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi. Na ua tseba hore na u ka bo sebelisa joang? Hona libuka tsee tsa boprofeta li ka u thusa joang hore u itokisetse letsatsi le leholo la Jehova?