Selelekela
’Mali ea Ratehang:
‘Tloo u be molateli oa ka.’ (Mareka 10:21) Ha e le hantle, ka mantsoe ao Jesu Kreste o re mema hore re mo latele. Na u amohela memo ee ea hae? Ho e amohela ho tla ama bophelo ba hao ka tsela e tebileng. Hobane’ng?
Jehova o rometse Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng hore a tl’o fana ka bophelo ba hae e le thekollo. (Johanne 3:16) Ntle le ho re shoela, Mora enoa o re bontšitse tsela eo re lokelang ho phela ka eona. O ’nile a tšepahala linthong tsohle tseo a li etsang ’me a thabisa pelo ea Ntate oa hae. Jesu o boetse o re bontšitse kamoo re ka tšoanang le Ntate oa hae kateng. Mora o ile a bonahatsa litsela tsa Ntate le thato ea hae ka ho phethahetseng ka seo a neng a se bua le seo a neng a se etsa.—Johanne 14:9.
Bibele e re Jesu ke “mohlala hore [re] latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Haeba re batla ho atamela haufi le Jehova, haeba re batla ho phela ka tsela e nang le morero hona joale le haeba re batla ho lula tseleng e isang bophelong bo sa feleng, re lokela ho latela mohlala oa Kreste haufi-ufi.
Ha re qalisa leeto lena, re lokela ho tseba le ho utloisisa hantle tsela eo Jesu a neng a phela ka eona ha a le lefatšeng mona. Kahoo re lokela ho ithuta ka hloko tsela eo Jesu a hlalosoang ka eona ka Bibeleng. Ho thuisa ka lintho tseo Jesu a li buileng le tseo a neng a li etsa le ho hlahloba kamoo re ka mo etsisang kateng lipuong le liketsong tsa rōna ho tla re thusa ho bona ka ho hlakileng kamoo re ka mo latelang kateng.
E se eka buka ena e ka u thusa ho hōlisa lerato leo u ratang Jesu le Jehova ka lona. ’Me e se eka lerato leo le ka u susumelletsa ho latela mohlala oa Jesu haufi-ufi, e le hore u thabise pelo ea Jehova hona joale le ka ho sa feleng.
Bahatisi