SEHLOMATHISO
Likaroloana Tsa Mali le Mekhoa ea ho Buoa
Likaroloana tsa mali. Likaroloana tsa mali li nkoa metsoakong e meholo e mene ea mali—e leng lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, li-platelet le plasma (e leng lero la mali) Ho tea mohlala, lisele tse khubelu li na le protheine e bitsoang hemoglobin. Meriana e entsoeng ka hemoglobin e nkiloeng bathong kapa liphoofolong e ’nile ea sebelisoa ho phekola bakuli ba haelloang ke mali haholo kapa ba tsoileng mali a mangata haholo.
Plasma—eo karolo ea eona ea 90 lekholong e leng metsi—ka hare ho eona e na le li-hormone tse ngata, matsoai a sa tsoeng linthong tse phelang, li-enzyme le limatlafatsi tse akarelletsang matsoai le tsoekere. Plasma e boetse e na le lintho tse hoamisang mali, masole a ’mele a loantšang maloetse le liprotheine tse kang albumin. Haeba motho a tšoaroa ke boloetse bo itseng, lingaka li ka ’na tsa mo fa liente tsa gamma globulin (karoloana ea mali e nang le lisireletsi) e ntšitsoeng plasmeng ea batho ba neng ba se ba sireletsehile maloetseng ana. Lisele tse tšoeu tsa mali li ka hlahisa metsoako e laolang tšireletso ea ’mele le metsoako e meholo ea tšireletso ea ’mele, e sebelisetsoang ho phekola mefuta e itseng ea kankere le maloetse a mang a bakoang ke vaerase.
Na Bakreste ba lokela ho amohela mefuta ea phekolo eo ho eona ho sebelisoang likaroloana tsa mali? Bibele ha e fane ka lintlha tse tobileng tabeng ena, kahoo e mong le e mong o lokela ho sebelisa letsoalo la hae ho iketsetsa qeto ka pel’a Molimo. Ba bang ba ne ba tla hana likaroloana tsohle tsa mali, ba fana ka lebaka la hore Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele o ne o hloka hore mali a ntšitsoeng sebōpuoeng a “[tšolleloe] fatše.” (Deuteronoma 12:22-24) Ba bang, le hoja ba hana ho tšeloa mali a feletseng kapa metsoako e meholo ea ’ona, ba ka ’na ba amohela phekolo eo ho eona ho sebelisoang karoloana ea ’ona. Ba ka ’na ba beha lebaka la hore ho na le boemo boo ho bona likaroloana tse ntšitsoeng maling li seng li sa emele bophelo ba sebōpuoa seo mali a nkiloeng ho sona.
Ha u etsa liqeto mabapi le likaroloana tsa mali, nahana ka lipotso tse latelang: Na kea hlokomela hore ho hana likaroloana tsohle tsa mali ho bolela hore nke ke ka amohela meriana e itseng e akarelletsang lihlahisoa tse sebelisetsoang ho loantša maloetse kapa tse ka ’nang tsa thusa ho hoamisa mali e le ho thibela ho tsoa mali? Na nka hlalosetsa ngaka hore na ke hobane’ng ha ke hana kapa ha ke amohela ho sebelisoa ha karoloana e le ’ngoe kapa tse eketsehileng tsa mali?
Mekhoa ea ho buoa. Mekhoa ena e akarelletsa ho hlapolla mali le ho boloka lisele (cell salvage). Ha ho hlapolloa mali, mali a faposoa ’meleng, ebe sebakeng sa ’ona ho tšeloa motsoako o se nang mali o eketsang mokelikeli o teng ’meleng, ebe hamorao mali ao a khutlisetsoa ’meleng oa mokuli. Ha ho sebelisoa mokhoa oa ho boloka lisele, mali a tsoang nakong ea ha mokuli a buuoa aa bokelloa ebe hamorao a khutlisetsoa ’meleng. Mali a tsoang leqebeng kapa lesobeng la ’mele, aa hlatsuoa kapa a sefuoe ebe a khutlisetsoa ’meleng oa mokuli. Kaha litsela tsa ho sebelisa mekhoa ena li ka fapana ho ea ka lingaka, Mokreste o lokela ho botsa hore na ngaka ea hae e rerile ho etsa’ng.
Ha u etsa qeto mabapi le mekhoa ena, ipotse: ‘Haeba mali a ka a mang a tla faposetsoa ka ntle ho ’mele oa ka ’me ho phalla ha ’ona ho ka ba ha khaotsa ka nakoana, na letsoalo la ka le tla ntumella hore ke nke hore mali aa e sa le karolo ea ’mele oa ka, kahoo ha a hloke hore “a [tšolleloe] fatše”? (Deuteronoma 12:23, 24) Na letsoalo la ka le koetlisitsoeng ka Bibele le ne le tla khathatseha haeba nakong ea phekolo mali a mang a ka a ka ntšoa, a tsoakoa le meriana e itseng, ebe a khutlisetsoa ’meleng oa ka? Na kea elelloa hore ha ke hana mekhoa eohle ea bongaka eo ho eona ho sebelisoang mali a ka, see se bolela hore ke hana hore mali a ka a hlahlojoe, ke hana liphekolo tse kang ho sebelisoa ha mochine o hloekisang mali kapa mochine o sebetsang joaloka pelo le matšoafo?’
Mokreste o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o tla lumella hore mali a hae a sebelisoe joang ha a buuoa. Sena se sebetsa le tabeng ea ha ho etsoa litlhahlobo tsa bongaka le mekhoa ea phekolo e sebelisoang hona joale e akarelletsang hore ho ntšoe mali a motho a seng makae, mohlomong a tsoakoe le meriana e itseng, ebe a khutlisetsoa ’meleng.