Pina ea 16
Balehelang ’Musong oa Molimo!
1. Batlang Jehova baikokobetsi;
Batlang ho loka, le batle mosa
Hore le patoe tsatsing la bohale
Ba phetetso ea Jehova.
(K’HORASE)
Balehelang ’Musong oa Molimo;
O emeleng le tiile.
Hore Molimo a le sireletse;
Mo utloeng linthong tsohle.
2. Tl’ong lōna ba batlang ’nete le toka;
Le soabetse’ng le llela’ng hakana?
Batlang poloko e tsoang ho Jehova,
Ikokobeletseng Mora.
(K’HORASE)
Balehelang ’Musong oa Molimo;
O emeleng le tiile.
Hore Molimo a le sireletse;
Mo utloeng linthong tsohle.
3. Lelalang ’me le nyakalle ke thabo;
Hobane ’Muso o atametse!
Amohelang khanya e tsoang ho Ntate,
’Me le tšabe een’a ’notši!
(K’HORASE)
Balehelang ’Musong oa Molimo;
O emeleng le tiile.
Hore Molimo a le sireletse;
Mo utloeng linthong tsohle.
(Sheba le Pes. 59:16; Liprov. 18:10; 1 Bakor. 16:13.)