Pina ea 83
Re Lokela ho ba le Boitšoaro
E Hatisitsoeng
1. Re rata Jah ka lipelo tsohle;
’Me kamehla re be le boitšoaro.
Ntho tsa nama ha li na thuso.
Tsa moea tsona lia phelisa.
2. Satane o re leka kamehla,
Le molao oa sebe oa re khelosa.
Empa ka thuso ea Jehova,
Re ka hlōla lira tsa rōna.
3. Ketso tsa rōna li ama ’Mōpi,
A re loaneleng ho etsa ntho tse ntle.
Re ikemisetse ho bontša
Hore re na le boitšoaro.
(Sheba le 1 Bakor. 9:25; Bagal. 5:23; 2 Pet. 1:6.)