Pina ea 127
Sebaka se Emelang Lebitso la Hao
E Hatisitsoeng
1. Jehova u re file tlotla!
Re rata ntlo ena ea hao.
Re e hahetse bitso la hao,
Re e nehela ka thabo!
Ho hōlisa botumo ba hao.
Ntho tseo re u fang tsona,
Li simolohile ho uena.
Re li fana re thabile.
(K’HORASE)
Re u fa sebaka sena,
Bitso la hao le tsejoe.
Re u neha baka sena;
Ak’u se amohele.
2. Re tlotlisa uena Jehova,
Re roka lebitso la hao.
Khanya ea hao e eketsehe,
Ha batho ba rutoa ’nete.
Re nehelana ka ntlo ena,
Borapeling bo hloekileng.
E k’e eme e le bopaki,
Ba ho phatlalatsa ’Muso.
(K’HORASE)
Re u fa sebaka sena,
Bitso la hao le tsejoe.
Re u neha baka sena;
Ak’u se amohele.
(Sheba le 1 Mar. 8:18, 27; 1 Likron. 29:11-14; Lik. 20:24.)