Pina ea 80
Tšobotsi ea Molemo
E Hatisitsoeng
1. Ha re tseba molemo oa
Jehova re tla thaba,
Kaho bane o molemo
litseleng tsohle tsa hae.
Hape oa re hauhela,
o re bontša lereko.
Re mo rapeleng kamehla
’Me re mo sebeletse.
2. A re etsiseng Molimo,
Re etse se molemo,
’Me re bontše litšobotsi
tsohle tsa moea oa hae.
Re tla hōlisa molemo
le makhabane a mang,
’Me re tla rapella moea
O halalelang oa hae.
3. ’Me le bara babo rōna
A re ba hauheleng,
A re etseng bohle hantle,
Re ba rute ka ’Muso.
A re ba tsebiseng ’nete
hore ba be le tšepo,
’Me re se be le khethollo;
Re ba bontše molemo.
(Sheba le Pes. 103:10; Mar. 10:18; Bagal. 5:22; Baef. 5:9.)