Pina ea 76
Jehova, Molimo oa Khotso
E Hatisitsoeng
1. Molimo oa khotso,
U lerato kamehla.
Re fe khotso re fe khutso,
’Me re be ba molemo.
Re kōpa keletso,
E tsoang ho uena Ntate.
Ak’u re fe khotso joale
Ka Mor’a hao ea ratoang.
2. Ha ho khotso fatšeng,
’Me ho tletse bohloko.
Ba u rapelang ka ’nete,
Ba tla fumana khotso.
Re tseba thato’a hao,
Ebile rea e phetha,
Ak’u re hlo’nolofatse,
U re fe khotso ea hao.
3. Moea oa hao Ntate
O re thusa haholo.
Re tataisoa ke Ntsoe la hao
Fifing la fatše lena,
’Me joaloka phoka,
Khotso ea re khatholla,
’Me e lebela lipelo
Le eona menahano.
(Sheba le Pes. 4:8; Bafil. 4:6, 7; 1 Bathes. 5:23.)