Pina ea 124
Ba Amoheleng ka Mofuthu
E Hatisitsoeng
1. Jehova o re amohela bohle.
O hlokomela moloko oa batho.
O re fa letsatsi,
hammoho le pula;
O re khotsofatsa lipelo.
A re etsiseng Molimo oa rōna,
Ka hore re hlokomele ba hlokang.
O tla buseletsa molemo oa rōna,
Le mosa oa rōna oa ’nete.
2. Ha re tsebe molemo o ka hlahang
Ha re thusa batho ba se nang letho.
Le bona basele,
re ba bontše mosa,
Re ba bontše rato la ’nete.
Joaloka Lydia, ba amoheleng,
Ba tla fumana khotso le phomolo.
Molimo oa rōna, o re bona bohle,
Ha re etsisa mosa oa hae.
(Sheba le Lik. 16:14, 15; Bar. 12:13; 1 Tim. 3:2; Baheb. 13:2; 1 Pet. 4:9.)