PINA EA 8
Jehova ke Setšabelo sa Rona
E Hatisitsoeng
1. Re tšepile Jehova.
O tla re pholosa.
Moriti oa Molimo
Oa re sireletsa.
O re lopolla mathateng.
Re tšepile matla a hae.
Jehova oa re thusa,
Ke setšabelo sa rona.
2. Le hoja ba likete
Ba oa pel’a rona,
Ha re ka tšepahala
Re tla sireletsoa.
Re ke ke ra tšoha ho hang
Le haeba re ka hlaseloa
Hobane Ntat’a rona
Ke molebeli oa rona.
3. Jehova oa re thusa
Ha re le tsietsing.
O tla re sireletsa
Ha re le tlokotsing.
Re ke ke ra tšoha letho
Le ha mathata a hlaha.
Jehova Ntat’a rona,
U setšabelo sa rona.
(Sheba le Pes. 97:10; 121:3, 5; Esa. 52:12.)