PINA EA 20
U Fane ka Mora oa Hao
E Hatisitsoeng
1. Jehova Molimo,
U re file tšepo.
U fane ka Mora
Ho re pholosa.
Re tla u leboha,
Re u sebeletse,
Re thuse le ba bang
Ho tseba ka uena.
(K’HORASE)
U fane ka Mora
Molemong oa rona.
Kaha u re ratile,
Re tla u rorisa Ntate.
2. U mosa, u mohau.
Kahoo rea u rata.
Re rata le ho ba
Metsoalle ea hao.
Empa sehlabelo
Sa Jesu Mor’a hao
Ke mpho ea bohlokoa
Ho feta ntho tsohle.
(K’HORASE
U fane ka Mora
Molemong oa rona.
Kaha u re ratile,
Re tla u rorisa Ntate.
(SEPHETHO)
Jehova, Molimo, Ntate rea leboha.
U fane ka Mora oa hao a le mong, Jesu.
(Sheba le Joh. 3:16; 15:13.)