PINA EA 29
Re Tla Sebeletsa Jehova Kamehla
E Hatisitsoeng
1. Jehova u Ntate ea Matla ’Ohle.
U na le toka ’me u lerato.
Bohlale le ’nete li tsoa ho uena.
Ke uena ’Musi ea leholimong.
Ntate, re rata ho u sebeletsa,
Ho ruta batho ka ’Muso oa hao.
(K’HORASE)
Re thabela ho ba Lipaki tsa hao.
Re tla u sebeletsa kamehla.
2. Ha re u sebeletsa re le ’moho,
Re tla ratana, re be le khotso.
Ha re ntse re ruta batho ka uena,
Pelo tsa rona li tlala thabo.
Re tsejoa ka bitso la hao Jehova.
Re u rorisa lichabeng tsohle.
(K’HORASE)
Re thabela ho ba Lipaki tsa hao.
Re tla u sebeletsa kamehla.
(Sheba le Deut. 32:4; Pes. 43:3; Dan. 2:20, 21.)