PINA EA 32
Emang le Jehova!
1. Re kile ra ba fifing le letšo
Ka baka la thuto tsa bohata.
Empa ra thaba ha re ithuta
Ka ’Muso oa Jehova.
(K’HORASE)
Emang le Jehova, Le tšepe eena.
H’a na le tlohela. Mo sebeletseng.
Bolelang litaba Tsa ’Muso oa hae.
Puso ea Jehova E tlisa khotso.
2. Re tla ema hlakoreng la ’Mopi,
Re hase litaba tse monate.
Lichaba li lokela ho khetha
Ho ema le Jehova.
(K’HORASE)
Emang le Jehova, Le tšepe eena.
H’a na le tlohela. Mo sebeletseng.
Bolelang litaba Tsa ’Muso oa hae.
Puso ea Jehova E tlisa khotso.
3. Diabolose ha re mo tšabe.
Jehova o re sirelelitse.
Leha ka palo re le banyane,
Jah o tla re fa matla.
(K’HORASE)
Emang le Jehova, Le tšepe eena.
H’a na le tlohela. Mo sebeletseng.
Bolelang litaba Tsa ’Muso oa hae.
Puso ea Jehova E tlisa khotso.
(Sheba le Pes. 94:14; Liprov. 3:5, 6; Baheb. 13:5.)