PINA EA 40
Molimo oa Hao ke Mang?
E Hatisitsoeng
1. Molimo’a hao ke mang,
Eo u tla mo mamela?
Ke eo u tla mo khumamela
Le eo u mo sebeletsang.
U ke ke oa hlompha
Marena a mabeli
’Me oa a rata ka ho lekana
Ka pelo eohle ea hao.
2. Molimo’a hao ke mang,
Eo u tla mo mamela?
Ke uena ea tla ikhethela,
Hobane oa ’nete o mong.
Na u tla mamela
Babusi ba lefatše
Kapa u tla mamela Molimo,
U etse thato ea hae?
3. Molimo’a ka ke mang?
Ke mamela Jehova.
Ke Ntate oa ka ea lerato.
Ke tla phetha kano tsa ka.
O fane ka Mora,
O ile a mpholosa.
Ke tla sebeletsa eena feela
Bophelo bohle ba ka.
(Sheba le Josh. 24:15; Pes. 116:14, 18; 2 Tim. 2:19.)