PINA EA 46
Rea u Leboha, Jehova
E Hatisitsoeng
1. Rea leboha Jah, Molimo oa rona
Hobane u re bontšitse tsela.
Rea leboha ka ho re fa monyetla
Oa ho bua le uena kamehla.
2. Rea leboha ka ho tela Mor’a hao
Ea tšepahetseng ka nako tsohle.
Rea leboha ha u re tataisa
Hore re phethe kano tsa rona.
3. Rea leboha Jah ka ho re fa tlotla
Ea ho ruta batho Lentsoe la hao.
Rea leboha ka lintho tsohle tse ntle
Tseo ’Muso oa hao o tla li tlisa.
(Sheba le Pes. 50:14; 95:2; 147:7; Bakol. 3:15.)