PINA EA 65
A re Tsoeleng Pele
1. A re tsoeleng pele re ntse re hola,
Re thuse bohle hore ba tsebe Jehova.
Re ntlafatse tšebeletso ea rona.
A re tšepeng Jehova.
Bohle ba ka mo sebeletsa
Joalokaha Jesu a entse.
’Mopi o tla ba le rona kamehla
Hore re be le matla.
2. Re tsoele pele joalo re sa tšabe.
Re rute batho bohle litaba tsa ’Muso.
Re rorise Jehova re thabile.
Re rute ka ntlo le ntlo.
Leha batho ba ka re tšosa,
Re se ke ra chechela morao.
Joale ’Muso oa Molimo oa busa.
A re o phatlalatseng.
3. Re lule re ithuta ka Jehova,
Re ntlafatse
mekhoa ea rona ea ho ruta.
Re ’ne re kope moea oa Jehova
Ho re thusa ho thaba.
Re khutlele ho batho bohle
Ba ratang litaba tsa ’Muso.
Re ba thuse hore ba tsebe ’Mopi,
Ba lule ba mo rata.
(Sheba le Bafil. 1:27; 3:16; Baheb. 10:39.)