PINA EA 69
Tsoelang Pele le Bolela ka ’Muso
E Hatisitsoeng
1. Rutang batho ba chaba tsohle
Ka ’Muso oa Molimo.
Le rate le baahisani,
Le thuse ba bonolo.
Mosebetsi ona ke tlotla,
Re thabela ho o etsa.
A re bolelleng batho bohle
Ka lebitso la Jehova.
(K’HORASE)
Tsoelang pele,
bolelang ka ’Muso lefatšeng lohle.
Tsoelang pele
le tšepahala ka linako tsohle.
2. Batlotsuoa le linku tse ling
Ba sebetsa hammoho.
Kaofela re ema re tiile,
Re bolela ka ’Muso.
Lichaba li hloka ho tseba
Litaba tsa ’Muso oa Jah.
Jehova o re fa sebete.
Re ke ke ra tšaba letho.
(K’HORASE)
Tsoelang pele,
bolelang ka ’Muso lefatšeng lohle.
Tsoelang pele
le tšepahala ka linako tsohle.
(Sheba le Pes. 23:4; Lik. 4:29, 31; 1 Pet. 2:21.)