PINA EA 72
Re Bolella Batho ka ’Muso
E Hatisitsoeng
1. Pele re ne re sa tsebe
Lithuto tse nepahetseng.
Empa Jah a re ruta
’Nete e ka Lentsoeng la hae.
Ra ithuta thato ea hae
Hore re mo sebeletse,
Re bolele ka eena
’Me re rorise lebitso la hae.
Re bolella batho bohle,
Ka ntlo le ntlo le lit’rateng.
Re thusa batho ho tseba
’Nete e tla ba lokolla.
Ha re ntse re ruta bohle
Hore ba rapele ’Mopi,
Re sebetse hammoho
Ho fihlela tsatsing la bofelo.
(Sheba le Josh. 9:9; Esa. 24:15; Joh. 8:12, 32.)