PINA EA 83
“Ka Ntlo le Ntlo”
E Hatisitsoeng
1. Ka ntlo le ntlo, re bolela
Lentsoe la Molimo.
Metseng eohle le mahaeng,
Re bua ka ’Muso.
Jesu o boletse a re
‘Litaba tsa ’Muso
Li tla boleloa lichabeng’
Ke Bakreste bohle.
2. Ka ntlo le ntlo, re bua ka
Litšepiso tsa Jah
Le hore o tla pholosa
Bohle ba mo tšepang.
Empa ba tla mo tšepa joang
Ha ba sa mo tsebe?
Re tla ba ruta ka eena
Hore ba mo tsebe.
3. Re tsamaeeng ka ntlo le ntlo,
Re bolele Lentsoe.
Re bolelle batho bohle
Le ba sa mameleng.
Re tla rorisa Molimo,
Re rute ka eena
’Me re tla fumana batho
Ba ratang Jehova.
(Sheba le Lik. 2:21; Bar. 10:14.)