PINA EA 85
Amohelanang
E Hatisitsoeng
1. Re amohela batho kaofela
Ba bokaneng hammoho mona.
A re ithuteng Lentsoe la ’Mopi.
Molimo o re fa metsi a bophelo.
2. Re leboha Molimo oa rona
Ka bara bana ba bo rona,
Ba re amohelang ka lerato.
Batho ba mofuta ona ba bohlokoa.
3. Molimo o mema batho bohle
Hore ba tsebe Lentsoe la hae.
Jah o re hutse ka Mora oa hae.
Re amohelaneng ka lipelo tsohle.
(Sheba le Joh. 6:44; Bafil. 2:29; Tšen. 22:17.)