PINA EA 87
Tloong le Khatholloe
1. Re phela lefatšeng le khelohileng,
Batho ha ba tsebe ’nete.
Re hloka tataiso ea Molimo.
Re itšetlehe ka eena.
Liboka tsa rona lia re khatholla,
Li matlafatsa tumelo.
Li re susumeletsa ho ratana
Le ho etsa lintho tse ntle.
Re tla mamela Molimo oa rona.
Re batla ho mo thabisa.
Re rutoa ho lula re rata ’Mopi
Le ho etsa thato ea hae.
2. Jehova o tseba tlhoko tsa rona.
Re utloe keletso ea hae.
Re iphe nako ea ho tla libokeng
’Me re tšepe Lentsoe la Jah.
Banna ba hlomphang Molimo oa ’nete
Ba re ruta tsela tsa hae.
Ka tšehetso ea bana ba bo rona,
Re tla ba matla tumelong.
Re lebeletse nako tse monate,
Re tla phela re thabile.
Libokeng tsa rona re tla fumana
Thuto e tsoang ho Molimo.
(Sheba le Pes. 37:18; 140:1; Liprov. 18:1; Baef. 5:16; Jak. 3:17.)