PINA EA 92
Sebaka se Emelang Lebitso la Hao
E Hatisitsoeng
1. Jehova, u re file tlotla
Ea ho u hahela ntlo.
Re e hahetse bitso la hao.
Re u fa eona ka thabo.
Lintho tsohle li tsoa ho uena,
U re file tsona Ntate.
Mosebetsi oo re o etsang,
Re o etsa re thabile.
(K’HORASE)
Re u fa sebaka sena
Hore u tsebahale.
Re u fa sebaka sena,
Ak’u se amohele.
2. Re tlotlisa uena Jehova,
Re tla ’ne re u rorise.
Batho ba bone khanya ea hao,
Ba tsebe litsela tsa hao.
Re u fa ntlo ena Jehova
’Me re tla e hlokomela.
E tla lula e le bopaki
Ba ho phatlalatsa ’Muso.
(K’HORASE)
Re u fa sebaka sena
Hore u tsebahale.
Re u fa sebaka sena,
Ak’u se amohele.
(Sheba le 1 Mar. 8:18, 27; 1 Likron. 29:11-14; Lik. 20:24.)