PINA EA 99
Bana ba bo Rona ba Limilione
E Hatisitsoeng
1. Letšoele la bana beso
Ba limilione.
Ke Lipaki kaofela
’Me baa tšepahala.
Re bangata haholo,
Letšoele le matla.
Re fumanoa lichabeng tsohle.
Re rorisa ’Mopi.
2. Re sebeletsa Jehova.
Re bolela hohle
“Litaba tse monate”
Tse thabisang bohle.
Re ntse re li bolela
Leha ho le thata.
Mora oa Jah oa re khatholla
’Me o re fa khotso.
3. Jah o re sirelelitse,
Oa re hlokomela.
O re rata haholo,
Oa re tataisa.
Re sebetsa le eena,
Ke tlotla e kholo.
Re ruta batho chabeng tsohle
Litaba tsa ’Muso.
(Sheba le Esa. 52:7; Mat. 11:29; Tšen. 7:15.)