PINA EA 105
“Molimo ke Lerato”
E Hatisitsoeng
1. Jah Molimo ke lerato,
O re re mo etsise.
Re rate ’Mopi le batho,
Re etse se lokileng.
Ha re lula re ratana,
Re thabisa Jehova.
Re tla ba joaloka Kreste
Ha re na le lerato.
2. Re tla rata batho ba bang
Ha re rata Jehova.
Ha re oa, o tla re thusa,
O tla re phahamisa.
Lerato le tla re thusa
Hore re mamellane.
A re rataneng haholo
Ka lerato la ’nete.
3. Re tšoarele batho bohle
Ha ba re khopisitse.
Re kope thuso ho ’Mopi,
O tla re tataisa.
Ha re rata Jah le batho,
Re tla thaba haholo.
A re etsiseng Jehova,
Re rate batho bohle.
(Sheba le Mar. 12:30, 31; 1 Bakor. 12:31–13:8; 1 Joh. 3:23.)