PINA EA 107
Molimo o re Behela Mohlala oa Lerato
1. Jehova o re behela mohlala
Oa ho ba lerato.
O re rutile lerato la ’nete.
O re file Mora oa hae,
A re tšoarela liphoso tsa rona
’Me a re bontša hore oa re rata.
Ha ho na rato le tšoanang le lena.
Ke Molimo ea ratang batho.
2. Ha re etsisa Jehova Molimo
Ka ho ba lerato,
Re tla ratana ’me re tsotellane,
Re thusane linthong tsohle.
Re ke ke ra re re rata Jehova
Ha re sa rate bana ba bo rona.
Re tsoele pele ho tšoarela bohle
’Me re bontše rato la ’nete.
3. Ha re ratana re tla momahana
’Me re be lelapa.
Ntate oa rona o tla re fa khotso,
Re ratane, re utloane.
Rato la rona ke lona le bontšang
Hore re na le moea oa Jehova.
A re rataneng ka linako tsohle.
Leo ke lona rato la ’nete.
(Sheba le Bar. 12:10; Baef. 4:3; 2 Pet. 1:7.)