PINA EA 111
Mabaka a Rona a ho Thaba
1. Re na le mabak’a mangata
A etsang hore re thabe.
Jehova o na le bahlanka
’Me ke ba merabe eohle.
Pelo tsa rona li thabile,
Ebile li nyakaletse.
Re ithuta Ntsoe la Molimo
Hore re be le tumelo.
Leha mathata a ka hlaha,
Re tla lula re thabile.
Jehova Molimo oa rona
O tla lula a re thusa.
(K’HORASE)
Jehova o matla ’ohle.
Ke Molimo ea molemo.
O bopile ntho tse ntle haholo
Tse etsang hore re thabe!
2. Ntho tsohle tseo a li bopileng
Lefatšeng le maholimong,
Rea nyakalla ha re li bona.
Rea mo rorisa kamehla
’Me re bolella batho bohle
Litaba tsa ’Muso oa hae.
Re ruta batho bohle hore
O tla re hl’onolofatsa.
Joale re thabile hobane
Tsatsi leo le atametse.
O re tšepisitse lefatše
Le lecha moo re tla thaba.
(K’HORASE)
Jehova o matla ’ohle.
Ke Molimo ea molemo.
O bopile ntho tse ntle haholo
Tse etsang hore re thabe!
(Sheba le Deut. 16:15; Esa. 12:6; Joh. 15:11.)