PINA EA 117
E-ba Motho ea Molemo
E Hatisitsoeng
1. Jehova Ntate oa rona,
U molemo hakaakang!
Ebile oa halalela.
Re ka u tšepa, Ntate.
U molemo linthong tsohle,
U re bontšitse mohau.
Re tla sebeletsa uena
Re be re u rorise.
2. Batho bohle ba Jehova
Le bona ba molemo.
Ba ruta batho ka ’Muso
’Me ba itšoara hantle.
Thuto ea hao e molemo,
E thusa ba bangata.
Re rapella moea oa hao
Hore re be molemo.
3. Re thuse ho ba molemo
Ho bana ba bo rona.
Re ba rate, re ba thuse
Ka litlhoko tsa bona.
Ka kopo hlo’nolofatsa
Lintho tseo re li etsang
Ka lapeng le ka phuthehong
Le hohle moo re leng teng.
(Sheba le Pes. 103:10; Mar. 10:18; Bagal. 5:22; Baef. 5:9.)