PINA EA 121
Re Lokela ho ba le Boitšoaro
E Hatisitsoeng
1. Kaha re rata ’Mopi oa rona,
Nthong tsohle a re beng le boitšoaro.
Tsa lefatše ha li na thuso.
Tsa Molimo lia re phelisa.
2. Satane o re leka kamehla.
Ho se phethahale hoa re khelosa.
Empa ka thuso ea Jehova,
Re ka hlola liteko tsena.
3. Ketso tsa rona li ama ’Mopi.
A re loaneleng ho etsa ntho tse ntle.
Re ikemisetse ho bontša
Hore re na le boitšoaro.
(Sheba le 1 Bakor. 9:25; Bagal. 5:23; 2 Pet. 1:6.)