PINA EA 125
“Ho Thaba ba Mohau”
E Hatisitsoeng
1. ’Mopi oa rona o mohau.
Mohau oa hae o moholo.
Oa thaba ha re le mosa.
O re fa tseo re li hlokang.
O hauhela ba bakileng,
O utloa kopo tsa bona.
Oa hopola re lerole.
Kahoo, o re bontša mohau.
2. Jesu Morena oa rona
O itse ha re rapela
Re re: “Re kopa tšoarelo,
Hoba re tšoarela ba bang.”
Haeba re tšoarela batho,
Re sa ba jare ka pelo,
Re tla lula re thabile
Hape re tla imoloha.
3. Re hauheleng batho bohle
’Me re be batho ba fanang.
Re se ke ra ipatlela
Botumo kapa thoriso.
Molimo o bona tsohle,
O tla re hlo’nolofatsa.
Ho thaba batho ba mohau
Kaha ’Mopi oa ba rata.
(Sheba le Mat. 6:2-4, 12-14.)