PINA EA 127
Ke Tšoanela ho ba Motho oa Mofuta Ofe?
E Hatisitsoeng
1. Ke tla u lefa joang, ke u lebohe
Ka ntho tse molemo tseo u mphileng tsona?
Ntate Jehova, u mphile Lentsoe la hao
’Me ke lona le nthusang ho itlhahloba.
(BOROKHO)
Ke tla sebeletsa uena Jehova,
Ke u sebeletse ka boitelo bohle.
Ke u sebeletse ka pelo eohle,
Ke be e mong oa ba u rorisang.
Ak’u nthuse Ntate, nthuse ho bona
Hore ke tšoanela ho ba motho ea joang.
Ba tšepahalang baa u thabisa, Ntate.
Le ’na ke batla ho ba e mong oa bona.
(Sheba le Pes. 18:25; 116:12; Liprov. 11:20.)